Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 6:11 - Baasraak Sotho NT

11 Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlola maqiti a Diabolose.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Aparang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho hlola dihloho tsohle tsa Diabolose.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Hlomelang ka dihlomo tsohle tsa Modimo, hore le tle le tsebe ho qhela maraba a Diabolosi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlola maqiti a Diabolose.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 6:11
30 Referencias Cruzadas  

Hobane ho tla hlaha bo-Kreste ba bohata, le baporofeta ba bohata, mme ba tla etsa mehlolo le meeka, ho kgelosa le bona bakgethwa, hola ke ntho e ka etswang.


Bosiu bo se bo ile, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


Le mpe le apare Morena Jesu Kreste, mme le se ke la ipatlela nama ho phethahatsa ditakatso tsa yona.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.


(Hobane dihlomo tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di matla ka Modimo ho heletsa diqhobosheane;)


Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.


Satane a tle a se ke a re qhekella; hobane ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi.


hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;


mme le apare motho e motjha, ya bopilweng ka mokgwa wa Modimo ho lokeng le kgalalelong ya nnete.


Ka baka leo, nkang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho ikemela ka tsatsi le lebe, le ho ema, ha le entse tsohle.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Empa rona, rona ba motsheare, a re keng re hlaphohelwe kelellong, re apare tshireletso ya sefuba ya tumelo le lerato; le helmete ke tšepo ea poloko.


Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.


Ka baka leo, ipeeng tlasa Modimo. Hanyetsang Diabolose, mme o tla le balehela.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos