Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 5:8 - Baasraak Sotho NT

8 Hobane le kile la ba lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane le kile la ba lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 5:8
43 Referencias Cruzadas  

Ka hona, hlahisa litholoana tse tšoanelang pako.


Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu.


ho kgantsha ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, ho tataisetsa maoto a rona tseleng ya kgotso.


Mme morena a babatsa qhoku eo e sa lokang, kahobane e entse ka bohlale; hobane bana ba lefatshe lena ba bohlale ho fetisa bana ba lesedi mehleng ya bona.


Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.


Yaba Jesu o re ho bona: Lesedi le sa ntse le le lona ho se hokae. Tsamayang ha le sa ntse le na le lesedi, esere lefifi le se ke la le tshwara;


Ha le sa na le lesedi, dumelang leseding, le tle le be bana ba lesedi. Jesu a bolela taba tseo, a tloha, a ipata ho bona.


Ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna a se ke a dula lefifing.


Jesu a buša a bolela le bona a re: Ke nna seetša sa lefase;


Mme mehla ya ho se tsebe hoo Modimo ha o a ka wa iphapanyetsa yona; empa jwale o laela batho bohle kahohle ho baka;


ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba o tlotlisa jwaloka Modimo, leha e le ho o leboha; empa ba fetoha lefeela mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona tse hlokang kelello tsa fifala.


Bosiu bo se bo ile, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


O itshepetse hoba wena o moetapele wa difofu, lesedi la ba lefifing.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Empa rona bohle, ka difahleho tse ahlamileng, re tadima jwaloka seipone kganya ya Morena, re fetohela setshwantshong se le seng ho tloha kganyeng ho isa kganyeng, jwalokaha re le ka Moya wa Morena.


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang; mme lesedi le na le kopano efe le lefifi?


Haeba re phela ka Moya, le rona a re tsamayeng ka Moya.


Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.


Ba fifetse kutlwisiso, ba hole le bophelo ba Modimo ka ho se tsebe ho leng teng, ka baka la bofofu ba dipelo tsa bona.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Hobane ha re lwane le nama le madi, empa re lwana le mebuso, le mebuso, le marena a lefifi la lefatshe lena, le meya e mebe e sebakeng se phahameng.


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


ya re lopolotseng matleng a lefifi, mme a re isa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang.


Hobane le rona re kile ra ba mawatla, re sa utlwe, re kgelohile, re sebeletsa ditakatso le menyaka ya mefutafuta, re phela bobeng le mona, re le ba hloilweng, re hloyane.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos