Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:22 - Baasraak Sotho NT

22 hore le hlobole motho wa kgale ka tsa motsamao wa pele, o bodileng ka ditakatso tse thetsang;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Tlohelang metsamao ya lona ya pele, le fedise botho ba lona ba kgale, bo senyehileng ka baka la ditakatso tse thetsang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 hore le hlobole motho wa kgale ka tsa motsamao wa pele, o bodileng ka ditakatso tse thetsang;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:22
27 Referencias Cruzadas  

Hobane re ntse re tseba hobane botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o timetswe, re tle re se ke ra hlola re sebeletsa sebe.


Hobane sebe, ka ho nka sebaka ka taelo, se ile sa nthetsa, mme sa mpolaya ka yona.


Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.


Hobane le utlwile tsa metsamao ya ka mehleng ya Sejuda, kamoo ke neng ke hlorisa kereke ya Modimo ho feta tekanyo, mme ke e ripitla.


bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello. ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.


Jwale, ke bolela sena, mme ke paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaya jwaloka baditjhaba ba bang, ka bosawana ba dikelello tsa bona.


Ka baka leo, lahlang leshano, le bue nnete e mong le e mong le wa habo; hobane re ditho tsa ba bang.


Lehloeo lohle, le khalefo, le khalefo, le ho tleroha, le puo e mpe, li ke li tlosoe ho lōna ka lonya lohle.


Le lona le bolotse ho yena ka lebollo le sa etswang ka matsoho, ka ho hlobola mmele wa nama ya nama ka lebollo la Kreste.


Hobane le rona re kile ra ba mawatla, re sa utlwe, re kgelohile, re sebeletsa ditakatso le menyaka ya mefutafuta, re phela bobeng le mona, re le ba hloilweng, re hloyane.


Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.


Le mpe le kgothatsane ka tsatsi le leng le le leng, ha ho sa ntse ho bitswa Kajeno; esere mohlomong e mong wa lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.


Ka baka leo, lahlang ditshila tsohle le bokgopo bo bongata, mme le amohele ka bonolo lentswe le hlomilweng, le kgonang ho pholosa meya ya lona.


Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela.


Lea tseba hore ha le a ka la lopollwa ka dintho tse bolang, ka silevera le kgauta, metsamaong ya lona ya lefeela, eo le e amohetseng ho bontata lona.


Hobane nako e fetileng e ne e re lekane ho etsa thato ya baditjhaba, ha re ne re tsamaya bohlola, le ditakatso, le botahwa, le meharo, le menyanya, le tshebeletso ya medimo ya bohata.


Mme ba tla amohela moputso wa bokgopo, jwalokaha ba ithabisang ka ho etsa bohlola motshehare. Ke matheba le dikodi, ba bapala ka dithetso tsa bona ha ba ntse ba keteka le lona;


A pholosa Lota ya lokileng, ya neng a tshwenyehile ka metsamao e ditshila ya ba kgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos