Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:15 - Baasraak Sotho NT

15 Empa ha re bua nnete ka lerato, re ka hola ho yena nthong tsohle, eo e leng hlooho, Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 re mpe re etse nnete ka lerato, mme re hole nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Empa ha re bolela nnete ka lerato, re tla hola ka mekgwa yohle, ho ba ba Kreste, eo e leng hlooho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa ha re bua nnete ka lerato, re ka hola ho yena nthong tsohle, eo e leng hlooho, Kreste.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:15
21 Referencias Cruzadas  

Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, mme a bua ka yena, a re: “Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena!


Lerato e be le se nang boikaketsi. Ilang se se bosula; khomarelang se molemo.


Empa ke rata ha le ka tseba, hoba hlooho ya monna e mong le e mong ke Kreste; mme hlooho ya mosadi ke monna; mme hlooho ya Kreste ke Modimo.


Empa re lahlile tse patilweng tsa bohlola, re sa tsamaye ka mano, mme re sa tshohe lentswe la Modimo; empa ka ho bonahatsa nnete, re ipuella matswalong a batho bohle pela Modimo.


Ha ke bue ka taelo, empa e le ka boitelo ba ba bang, le ho leka bonnete ba lerato la lona.


mme o beile dintho tsohle katlasa maoto a hae, mme a mmea hore e be hlooho ya dintho tsohle bakeng sa phutheho.


jwalokaha o re kgethetse ho yena pele lefatshe le thewa, hore re tle re halalele, re hloke sekodi pela wona;


Eo kaho yohle e kopantsweng hantle ka ho yena, e ntse e hola ho ba tempele e halalelang ya Morena.


Ka baka leo, lahlang leshano, le bue nnete e mong le e mong le wa habo; hobane re ditho tsa ba bang.


Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste e le hlooho ya kereke, mme ke Mopholosi wa mmele.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


Jwaloka bana ba sa tswa tswalwa, le lakatse lebese le sa hlwekang la Lentswe, le tle le hole ka lona.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Bana ba ka, a re se keng ra rata ka puo, leha e le ka leleme; empa ka ketso le ka nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos