Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 2:18 - Baasraak Sotho NT

18 Hobane ka yena re na le katamelo ho Ntate ka Moya o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Hobane ka yena re na le katamelo ho Ntate ka Moya o le mong.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 2:18
26 Referencias Cruzadas  

Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Jesu a boela a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, ke nna monyako wa dinku.


Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha, mme o tla kena, a tswe, a fumane lekgulo.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Ke yena eo hape re nang le katamelo ka tumelo mohaung ona oo re emeng ho wona, mme re ithorise ka tshepo ya kganya ya Modimo.


Hobane ha le a ka la amohela moya wa bohlanka hape hore le tle le tshabe; empa le amohetse Moya wa bongwana, oo re howeletsang ka wona, re re: Aba, Ntate.


Hobane rona bohle re kolobeleditswe mmeleng o le mong ka Moya o le mong, leha re le Bajuda, leha e le Bagerike, leha re le makgoba kapa ba lokolohileng; ’me bohle re nositsoe Moeeng o le mong.


Empa ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, eo dintho tsohle di tswang ho yena, le rona re ho yena; le Morena a le mong, Jesu Kreste, eo dintho tsohle di leng ka yena, le rona re ka yena.


Mme kahobane le le bara, Modimo o rometse Moya wa Mora wa wona dipelong tsa lona, o howang, o re: Aba, Ntate!


Ke yena eo re nang le tshepo le ho kena ho yena ka tshepo, ka tumelo ya hae.


Ka baka leo, ke kgumama pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,


Mmele o mong, le Moya o mong, jwalokaha le bileditswe tebello e le nngwe ya pitso ya lona;


Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


Hobane molao ha o a ka wa etsa letho le phethehileng, empa ho kentswe tebello e fetisang ka molemo; eo re atamelang Modimo ka yona.


Ka lona re boka Modimo, Ntate; mme ka lona re rohaka batho, ba bopilweng ka setshwantsho sa Modimo.


Mme ekare ha le rapela Ntate ya ahlolang ka ho ya ka mesebetsi ya e mong le e mong a sa ye ka tshobotsi, le fedise nako ya ho jaka ha lona mona ka tshabo.


bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Empa lona, baratuwa, le ikahe tumelong ya lona e halalelang ka ho fetisisa, le rapela ka Moya o Halalelang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos