Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Yuda 1:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste bophelong bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

21 Le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste bophelong bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Yuda 1:21
31 Referencias Cruzadas  

Hobane molao o neilwe ka Moshe, empa mohau le nnete di bile teng ka Jesu Kreste.


Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mme tshepo ha e hlajwe ke dihlong; hobane lerato la Modimo le tshetswe ka dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang di be le lona bohle. Amen. (Lengolo la bobeli le eang ho Bakorinthe le ngotsoe ke Tite le Lucas ho tsoa Filipi, e leng motse oa Macedonia.)


Morena a ke a lebise dipelo tsa lona leratong la Modimo, le mamellong ya Kreste.


Ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong: Eka o ke o newe mohau, le mohau, le kgotso, tse tswang ho Modimo Ntata rona, le ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.


Morena a ke a mo fe hore a fumane mohau wa Morena ka letsatsi leo;


Ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang: Eka o ke o newe mohau, le mohau, le kgotso, tse tswang ho Modimo Ntate, le ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Le ntse le lebeletse, mme le potlakile ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla qhibidiswa ke ho cha, le metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang?


Mme rona re tsebile, mme re dumetse lerato leo Modimo o nang le lona ho rona. Modimo ke lerato; mme ya dulang leratong o dutse ho Modimo, le Modimo o ho yena.


Re a tseba hore e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Bana ba banyenyane, itebeleng ho medimo ya bohata. Amen.


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


Ba bang le be le qenehelo, le etse phapang.


Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos