Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 4:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yaba hanghang ka ba moyeng: mme, bonang, terone ya bewa lehodimong, mme e mong a dutse teroneng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba hang, ke nkwa ke Moya; mme, bonang, terone e ne e beilwe lehodimong, mme e mong o ne a dutse teroneng eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Hanghang ka tlalwa ke Moya wa Modimo. Lehodimong ho ne ho beilwe terone, mme e mong a dutse hodima yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Yaba hanghang ka ba moyeng: mme, bonang, terone ya bewa lehodimong, mme e mong a dutse teroneng.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 4:2
28 Referencias Cruzadas  

A re ho bona: Jwale, Davida o mmitsa Morena jwang ka moya, a re:


Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;


Ka ba moyeng ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa ka mora ka lentswe le leholo, le kang la terompeta.


A tswala ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe, mme ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.


Yaba o nkisa feelleng ka moya, ka bona mosadi a dutse hodima sebata se sekarelata, se tletseng mabitso a dinyefolo, se nang le dihlooho tse supileng le linaka tse leshome.


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse phelang tse nne, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo o dutseng teroneng, ba re: Amen! Alleluya.


Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.


La nkisa ka moya thabeng e kgolo, e telele, mme la mpontsha motse o moholo, Jerusalema o halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo.


Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe pela Ya dutseng teroneng, mme ba kgumamela ya phelang ka ho sa feleng, mme ba lahlela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.


Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.


Ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


Mme dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse ka tlasa lefatshe, le tse lewatleng, le tsohle tse ho tsona, ka di utlwa, di re: Ho ke ho be le lehlohonolo, le hlompho, le kganya, le matla ya dutseng teroneng, le ho Konyana ka ho sa feleng.


Ba re ho dithaba le mafika: Re weleng hodimo, le re pate sefahlehong sa ya dutseng teroneng, le kgalefong ya Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos