Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tite 1:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 bao e ka kgonang ho thijwe melomo ya bona. Ba diha matlo kammoho, ba ruta tse sa tshwanelang, ba tle ba ipokellele moruo wa bokgopo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.

Ver Capítulo Copiar




Tite 1:11
22 Referencias Cruzadas  

Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Kamora tseo, ba se ke ba beta pelo ho mmotsa letho.


Empa eo e leng mothwalwa, e seng modisa, eo dinku e seng tsa hae, ha a bona phiri e etla, o tlohela dinku, a balehe;


Jwale re a tseba hore tsohle tseo Molao o di bolelang, o di bolella ba tlasa Molao, hore melomo yohle e thijwe, mme lefatshe lohle le be molato pela Modimo.


Jwalokaha nnete ya Kreste e le ka ho nna, ha ho motho ya tla nthibela boithoriso bona dinaheng tsa Akaya.


Hape, ba ithuta ho ba botswa, ba ntse ba lelera le matlo; mme e seng ba botshwakga fela, mme e bile e le basebi le ba ba itsegeng, ba bua dilo tse ba sa tshwanelang go di bua.


Empa ekare ha mohlolohadi e mong a e-na le bana, kapa ditloholo, bona bao ba ithute pele ho hlompha ba ntlo ya bona, le ho buseletsa ho batswadi ba bona;


Dikgang tse kgopo tsa batho ba dikelello tse bodileng, ba hlokang nnete, ba lekanya hore leruo ke borapedi;


Ke bona ba kgelohileng nneteng, ba re tsoho e se e fetile; le ho heletsa tumelo ya ba bang.


Hobane ho ba jwalo ho teng ba kgebellang matlung, ba isang kgolehong basadi ba mawatla ba imetsweng ke dibe, ba hohilweng ke ditakatso tsa mefutafuta.


Hobane bishopo o tshwanetse ho hloka sekodi, jwaloka ha e le motsamaisi wa Modimo; e se moithati, e se ya halefang kapele, e se monwi, e se mohlabaphi, e se motho ya ratang leruo le ditshila;


A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.


Motho eo e leng mokhelohi ka mor’a ho eletsoa la pele le la bobeli u mo hane;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos