Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:30 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

30 Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa, ’me nakong ea kotulo ke tla re ho bakotuli: Bokellang mofoka pele, ’me le o tlame mangata ho o chesa, empa le bokelle koro molikong oa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

30 Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa, ’me nakong ea kotulo ke tla re ho bakotuli: Bokellang mofoka pele, ’me le o tlame mangata ho o chesa, empa le bokelle koro molikong oa ka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:30
20 Referencias Cruzadas  

Eitse ha batho ba robetse, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, sa tloha.


Empa a re: Tjhe; esere mohlomong ha le bokella mofoka, la fothola le koro hammoho le wona.


Mme ditjhaba tsohle di tla bokellwa kapele ho yena, mme o tla kgetha batho ho ba bang, jwaloka modisa ha a arola dinku ho dipodi.


Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;


Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.


Seolo sa hae se letsohong la hae, mme o tla hlwekisa seotlo sa hae ka botlalo, a bokelle koro ka tlung ya hae; empa mmoko o tla o tjhesa mollong o sa timeng.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle jwaloka lekala, mme o a omella; mme batho ba a bokella, ba a lahlela mollong, mme a tjhe.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho pele ho nako, ho fihlela Morena a etla, ya tla hlahisa tse patilweng tsa lefifi leseding, mme a bonahatse merero ya dipelo;


Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho isa kahlolong; mme ba bang ba ba latela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos