Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 E mong le e mong ya sa le amoheleng, leha e le ho utlwa mantswe a lona, etlare ha le etswa tlung eo, leha e le motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 E mong le e mong ya sa le amoheleng, le polelo tsa lona a sa di utlwe, ha le etswa tlung eo, kapa motseng oo, le hlohlore lerole la maoto a lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ha mang kapa mang a sa le amohele le ho mamela dipolelo tsa lona, tswang tlung eo kapa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 E mong le e mong ya sa le amoheleng, leha e le ho utlwa mantswe a lona, etlare ha le etswa tlung eo, leha e le motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:14
14 Referencias Cruzadas  

Haeba ntlo eo e loketse, kgotso ya lona e ke e be hodima yona;


Mme e mong le e mong ya amohelang ngwana e mong ya jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela.


Mang le mang ya sa le amoheleng, leha e le ho le utlwa, mohla le tlohang teng, le hlohlore lerole le katlasa maoto a lona, e be bopaki ho bona. Kannete ke re ho lona: Ho tla ba bonolo ho Sodoma le Gomora ka letsatsi la kahlolo ho feta motse oo.


E mong le e mong ya amohelang e mong wa bana ba jwalo ka lebitso la ka, o a nkamohela;


A re ho bona: E mong le e mong ya amohelang ngwana enwa ka lebitso la ka, o a nkamohela, mme e mong le e mong ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng;


Mang le mang ya sa le amoheleng, etlare ha le etswa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki ho bona.


Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya nkamohelang, o amohela ya nthomileng.


Empa bona ba ba hlohlorela lerole la maoto a bona, ba ya Ikonio.


Eitse ha ba hana, ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; Ke hlwekile: ho tloha jwale ke tla ya ho Baditjhaba.


Ka baka leo, ya nyatsang ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, wona o re neileng Moya o Halalelang wa wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos