Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le Johanna, mosadi wa Kusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba mo sebeletsa ka maruo a bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 le Johanna, mosadi wa Khusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 le Johanna, mosadi wa Kusase, qhooku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba thusa Jesu le barutuwa ka tseo ba nang le tsona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 le Johanna, mosadi wa Kusa, qhoku ya Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata, ba neng ba mo sebeletsa ka maruo a bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:3
19 Referencias Cruzadas  

Mehleng eo, morena Heroda a utlwa botumo ba Jesu,


Hobane Heroda o ne a ile a tshwara Johanne, a mo tlama, a mo kenya teronkong, ka baka la Herodiase, mosadi wa Filipi, ngwanabo.


Empa ha ho ketekwa letsatsi la tswalo ya Heroda, moradi wa Herodiase a tjeka pela bona, a kgahlisa Heroda.


Eitse ha ba kena ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria, mme ba itihela fatshe, ba mo kgumamela; khauta, le libano, le myra.


Eitse ha e se e le mantsiboya, monga tshimo ya merara a re ho molebedi wa hae: Bitsa basebetsi, o ba nee moputso wa bona, o qale ka ba morao ho isa ho ba pele.


Morena o tla araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Erekaha le etseditse e mong wa bana beso ba banyenyane bana, le entse ho nna.


Hobane mafutsana le na le lona kamehla; empa nna ha le na ho ba le nna kamehla.


Mme basadi ba bangata ba ne ba le teng moo, ba tadimile ba le hole, ba neng ba latetse Jesu ha a etswa Galelea, ba mo sebeletsa.


E ne e le Maria Magdalena, le Johanna, le Maria mma Jakobo, le basadi ba bang ba nang le bona, ba bolellang baapostola taba tseo.


O ne a bua sena, e seng hore o ne a tsotella mafutsana; empa kahobane e ne e le leshodu, a tshwere mokotlana wa hae, a nka tse kentsoeng ho wona.


Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.


Bahalaleli bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba ntlo ya Sesare.


O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos