Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora tseo, a nna a ya le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo; ba leshome le metso e mmedi ba ya le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Hamorao Jesu a etela motse le motsana ka mong, a ntse a phatlalatsa, a bolela molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo. Ba leshome le metso e mmedi ba ne ba ena le yena,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:1
18 Referencias Cruzadas  

Eitse hobane Jesu a qete ho laela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi, a tloha teng ho ya ruta le ho bolela Evangeli metseng ya bona.


E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.


Jesu a tsamaya le Galelea yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


Jesu a ya le metse le metsana yohle, a ntse a ruta masinagogeng a bona, a bolela Evangeli ya mmuso, a fodisa malwetse wohle le mefokolo yohle hara batho.


A nna a rera disinagogeng tsa bona Galelea yohle, a leleka batemona.


Ngwana a ntse a hola, a ipha matla moyeng, a dula mahwatateng, ho be ho fihle letsatsi la ho iponahatsa ha hae ho Iseraele.


Ka le leng la matsatsi ao, ha a ntse a ruta batho tempeleng, a bolela Evangeli, baprista ba baholo le bangodi le baholo ba tla ho yena.


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Yaba ba tloha, ba ya le metse, ba bolela Evangeli, ba fodisa kahohle.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Mme rona re le bolella molaetsa o molemo wa tshepiso e ileng ya etsetswa baholoholo ba rona.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos