Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 2:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Lengeloi la re ho bona: Se tshoheng, hobane bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Lengeloi la re ho bona: “Se tshabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Lengeloi la re ho bona: Se tshoheng, hobane bonang, ke le bolella molaetsa o molemo wa thabo e kgolo, eo e tla ba ya batho bohle.

Ver Capítulo Copiar




Luka 2:10
30 Referencias Cruzadas  

Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo; ke nna; se tshoheng.


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Lengeloi la araba, la re ho basadi bao: Le se ke la tshaba, hobane ke a tseba hore le batla Jesu ya neng a thakgisitswe.


A re: “Nako e phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.


A re ho bona: Eyang ka lefatshe lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Empa lengeloi la re ho yena: Se tshabe, Sakaria, hobane thapelo ya hao e utloilwe; mme mosadi wa hao Elisabetha o tla o tswalla mora, mme o tla mo rea lebitso la Johanne.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Ke nna Gabriele, ya emang pela Modimo; mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella Evangeli ena.


Lengeloi la re ho yena: Maria, se tshabe, hobane o bone mohau ho Modimo.


Hobane kajeno le tswaletswe Mopholosi, motseng wa Davida, e leng Kreste Morena.


Le hore pako le tshwarelo ya dibe di bolelwe ka lebitso la hae hara ditjhaba tsohle, ho qala Jerusalema.


Kamora tseo, a ya le metse le metsana yohle, a ntse a bolela, a bolela Evangeli ya mmuso wa Modimo;


Mme rona re le bolella molaetsa o molemo wa tshepiso e ileng ya etsetswa baholoholo ba rona.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos