Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka nako eo, ha letshwele le se le phuthehile, hoo ba bileng ba hatakelana, a qala ho bolella barutuwa ba hae pele, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi, e leng boikaketsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho sa le jwalo, batho ba dikete ba ne ba phuthehile hammoho, ba bile ba hatellana; mme Jesu a qala ho bua le barutuwa ba hae pele, a re: Le tshabe ditomoso tsa bafarisi, e leng boikaketsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ka nako eo, ha letshwele le se le phuthehile, hoo ba bileng ba hatakelana, a qala ho bolella barutuwa ba hae pele, a re: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi, e leng boikaketsi.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:1
18 Referencias Cruzadas  

Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a tsebe.


Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo le sa lefatshe; empa ho tla jwang ha le sa lemohe nako ee?


Yare ha bongata bo ntse bo mo poteleditse ho utlwa lentswe la Modimo, a ema lebopong la letsha la Genesaretha.


Empa botumo ba hae ba nna ba tswela pele haholo, mme matshwele a maholo a bokana ho tla mo mamela, le ho fodiswa malwetse a bona.


A theoha le bona, a ema thoteng, le letshwele la barutuwa ba hae, le letshwelehadi la batho ba tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la lewatle la Tire le Sidone, ba tlileng ho mo mamela, ho folisoa maloetse a bona;


Yare ha ba utlwa hoo, ba tlotlisa Morena, ba re ho yena: Ngwaneso, o a bona kamoo dikete tsa Bajuda ba dumetseng kateng; mme bohle ba tjhesehela molao;


Hobane pele ho tsohle ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke hore Kreste o shwetse dibe tsa rona, ho ya ka Mangolo;


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.


Empa bohlale bo tswang hodimo, pele bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo bonolo, bo tletse mohau le ditholwana tse molemo, ha bo na leeme, ha bo na boikaketsi.


Ka baka leo, lahlang lonya lohle, le mano wohle, le boikaketsi, le mohono, le dinyefolo tsohle;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos