Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 2:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Haeba le phethahatsa molao wa bokgosi ho ya ka Lengolo, o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ha le fela le phetha molao wa sehlooho, o ngotsweng Mangolong, o reng: “Rata wa heno jwalokaha o ithata,” le etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Haeba le phethahatsa molao wa bokgosi ho ya ka Lengolo, o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 2:8
23 Referencias Cruzadas  

Mme wa bobedi o tshwanang le wona ke o reng: Rata wa heno jwalokaha o ithata.


Mong wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane!


Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao.


Ka baka leo, tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, le lona le ba etse tsona; hobane ke wona molao le baporofeta.


Lerato ha le etse wa habo hampe; ka baka leo lerato ke phetheho ya molao.


Hobane molao wohle o phethehile ka lentswe le le leng; U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.


Jarelanang merwalo, mme kahoo le phethahatse molao wa Kreste.


Leha ho le jwalo, le entse hantle, ha le bile le kabelo mahlomoleng a ka.


Empa malebana le lerato la boena ha le hloke hore ke le ngolle, hobane le lona ka bolona le rutilwe ke Modimo ho ratana.


Empa ya tadimang molaong o phethehileng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla hlohonolofatswa ketsong ya hae.


Le bue jwalo, le etse jwaloka ba tlang ho ahlolwa ka molao wa tokoloho.


O dumela hore Modimo o mong; o etsa hantle: le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.


Bana beso, le se ke la buana hampe. Ya rohakang ngwanabo, mme a ahlola ngwanabo, o bolela molao hampe, mme o ahlola molao;


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos