Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 4:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le hona, bohle hammoho, le re rapelleng, hore Modimo o re bulele monyako wa lentswe, re tle re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng motlamuwa ka baka le sona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Le rona le re rapelle, hore Modimo a tle a re fumantshe monyetla wa ho phatlalatsa lentswe la hae, re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng ditlamong ka baka la sona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 4:3
27 Referencias Cruzadas  

A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Hobane ke buletswe monyako o moholo o sebetsang, mme bahanyetsi ba bangata.


A motho a re nke re le bahlanka ba Kreste, le balebedi ba diphiri tsa Modimo.


Hape, ha ke fihla Troase ho bolela Evangeli ya Kreste, mme ke buletswe monyako wa Morena.


Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,


Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae),


Ke ka hona etlare ha le bala, le tle le utlwisise tsebo ya ka sephiring sa Kreste.


le ho tsebisa batho bohle kamano ya sephiri seo ho tloha tshimolohong ya lefatshe le neng le patilwe ho Modimo o hlodileng dintho tsohle ka Jesu Kreste.


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Hobane ke tseba hoba hoo ho tla mphetohela poloko ka merapelo ya lona, le ka tlatsetso ya Moya wa Jesu Kreste;


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


E leng sephiri se neng se patilwe ho tloha kgale le melokong, empa jwale se senoletswe bahalaledi ba hae.


Tumediso ka letsoho la ka, Pauluse. Hopolang litlamo tsa ka. Mohau o be le lona. Amen. (E ngotsoe ho tloha Roma ho ea ho Bakolose ke Tykikase le Onesimase.)


Bana beso, le re rapelle.


Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.


Ke tseo ke utlwang bohloko ka tsona ho isa ditlamong jwaloka hoja ke le sesenyi; empa lentswe la Modimo ha le a tlangwa.


U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.


Mme le nna o ntokisetse bodulo, hobane ke tshepile hore ka merapelo ya lona ke tla e newa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos