Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hlokomelang, esere mohlomong motho a le tlatlapa ka bohlale ba hae, le ka thetso ya lefeela, ka ho ya ka meetlo ya batho, le ka tsa pele tsa lefatshe, e seng Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ya ka dithuto tseo batho ba neanang tsona, ka ho latela ditaba tsa qalo tsa lefatshe, e seng Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Hlokomelang, esere e mong a le tshwasa, a le thetsa ka mafeela a bohlale ba botho, bo ipapisitseng le meetlo ya batho, boo e leng ba meya e busang lefatshe, e seng ba Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Hlokomelang, esere mohlomong motho a le tlatlapa ka bohlale ba hae, le ka thetso ya lefeela, ka ho ya ka meetlo ya batho, le ka tsa pele tsa lefatshe, e seng Kreste.

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:8
38 Referencias Cruzadas  

Empa le iponele ho batho, hobane ba tla le neela makgotleng, ba le shape masinagogeng a bona;


Jesu a re ho bona: Iponeleng, le tshabe ditomoso tsa Bafarisi le tsa Basadusi.


Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang.


Jwale bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba qala ho hanyetsana le yena. Ba bang ba ne ba re: “Mobereri eo o tla reng? ba bang ba re: Eka eka ke mmoledi wa medimo esele;


Eitse ha ba utlwa ka tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re tla boela re o utlwe ka taba ena.


Jwale, banabeso, ke a le rapela hore le ele hloko ba bakang dikgaohano le dikgopiso tse hanyetsanang le thuto eo le ithutileng yona le ho li qoba.


Ka baka leo, ya lekanyang hore o sa eme, a a iponele, esere a wa.


Empa iponeleng, esere tokelo eo ya lona ya eba kgopiso ho ba fokolang.


Re diha mehopolo, le ntho e nngwe le e nngwe e phahamileng, e iphahamisang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme mehopolo yohle e tle e utlwe Kreste;


Mme ke ne ke fetisa Bajuda ba bangata bao e neng e le setjhaba sa heso, ka ho tjhesehela meetlo ya bontate.


Ka mokgwa o jwalo le rona, ha re sa le bana, re ne re le makgoba a tsa motheo tsa lefatshe.


Empa jwale, ka ha le tsebile Modimo, kapa haholo, le tsejwa ke Modimo, le ka boela la kgutlela jwang thutong e fokolang, e se nang molemo, eo le ratang ho boela le eba makgoba a yona?


Empa haeba le lomana, mme le harolana, iponeleng hore le se ke la timelana.


Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.


Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste jwalo;


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela;


Itiseng ho lintja, le itebele ho basebetsi ba khopo, le itebele ho ba poho.


Ho se be motho ya le thetsang mabapi le moputso wa lona ka boikokobetso ba boithatelo ba lona, le ka borapedi ba mangeloi, ka ho itshunyatshunya dinthong tseo a sa kang a di bona, a ikgohomositse lefeela ka kelello ya hae.


Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?


Ke tseo tsohle di tla timela ka ho sebediswa;) ho ya ka ditaelo le dithuto tsa batho?


Dintho tseo ruri di nang le ponahalo ya bohlale borapeding ba boithatelo, le ka boikokobetso, le ka ho tella mmele; e seng ka hlompho leha e le efe ho kgotsofatsa nama.


Timothea, boloka seo o se beilweng, o furalle dipuo tsa lefeela, tse hlomphollang, le dikganyetsano tse bitswang saense, ka bohata.


Empa batho ba kgopo le bathetsi ba tla nne ba feteletse bobeng, ba kgelohe, mme ba ntse ba kgeloha.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.


Lea tseba hore ha le a ka la lopollwa ka dintho tse bolang, ka silevera le kgauta, metsamaong ya lona ya lefeela, eo le e amohetseng ho bontata lona.


Ha ho le jwalo, lona, baratuwa, erekaha le tsebile taba tseo pele, iponeleng, le tle le se ke la kgeloswa ke timelo ya ba kgopo, la wa ho tiiseheng ha lona.


Iponeleng, hore le tle le se ke la lahleheloa ke tseo re li sebelitseng, re mpe re amohele moputso o tletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos