Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 1:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane tshepo eo le e boloketsweng lehodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete ya Evangeli;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ka baka la tshepo eo le e beetsweng mahodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete la Evangeli

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 ka baka la ho tshepa tseo le di boloketsweng mahodimong. Le utlwile tsa tshepo eo ka lentswe la nnete, e leng molaetsa o molemo

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane tshepo eo le e boloketsweng lehodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete ya Evangeli;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 1:5
33 Referencias Cruzadas  

Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


Lentswe leo Modimo a le rometseng ho bana ba Iseraele, a bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng yena Morena wa bohle.


Banna, banabeso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe la poloko ena le rometswe ho lona.


Empa Pauluse, ha a lemoha hobane karolo e nngwe ke Basadusi, e nngwe e le Bafarisi, a howeletsa lekgotleng la lekgotla, a re: Banna ba heso, ke Mofarisi, mora wa Mofarisi; potso.


Ke na le tshepo ho Modimo, eo le bona ba e tshepileng, ya hore tsoho ya bafu e tla ba teng, ya ba lokileng le ya ba sa lokang.


Empa e reng? Lentswe le haufi le wena, le molomong wa hao le ka pelong ya hao, ke hore, lentswe la tumelo leo re le bolelang;


Mme jwale, tsena tse tharo ke tumelo, le tshepo, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Haeba re tshepile Kreste bophelong bona feela, re tla be re le madimabe ho feta batho bohle.


Ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o boelanya lefatshe ho wona, o sa ba balle ditlolo tsa bona; mme o beile ho rona lentswe la poelano.


Ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, ka dihlomo tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letshehadi.


Eitse ha ke bona hobane ba sa tsamaye ka ho loka ho ya ka nnete ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ya bohle: Ekare ha wena, o leng Mojuda, o phela ka mokgwa wa Baditjhaba, e seng jwaloka Bajuda, ke ka baka lang o qobellang badumedi? Balichaba ho phela joaloka Bajuda?


Bao re ileng ra ba nea ka kutlo, tjhe, leha e le ka hora e le nngwe feela; hore nnete ya Evangeli e tle e dule ho lona.


Hobane rona ka Moya re lebeletse tshepo ya ho loka ka tumelo.


Le lona le tshepile ho yena, ha le se le utlwile lentswe la nnete, molaetsa o molemo wa poloko ya lona;


Ekare ha le mo utlwile, mme le rutilwe ke yena, jwalokaha nnete e le ho Jesu;


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


Ka baka leo, le rona re leboha Modimo re sa phetse, kahobane eitse ha le amohela lentswe la Modimo, leo le le utlwileng ho rona, ha le a ka la le amohela jwalokaha e le lentswe la batho, empa le le jwalokaha e le ka nnete, e leng lentswe la Modimo, le sebetsang ka ho phethahala le ho lona ba dumelang.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Polelo ena ke ya nnete, mme e lokelwa ke kamohelo yohle ya hore Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe; bao ke leng hlooho ya bona.


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


Hobane molao ha o a ka wa etsa letho le phethehileng, empa ho kentswe tebello e fetisang ka molemo; eo re atamelang Modimo ka yona.


Jwaloka bana ba sa tswa tswalwa, le lakatse lebese le sa hlwekang la Lentswe, le tle le hole ka lona.


Le mpe le halaletse Morena Modimo ka dipelong tsa lona, mme le itokise kamehla ho fana ka karabo ho e mong le e mong ya le botsang lebaka la tshepo e ho lona, ka bonolo le ka tshabo.


Ke gone ka moo, ga ke na go tlhokomologa go lo gakolola ka gale dilo tse, le fa lo di itse, lo bile lo tlhomamisitswe mo boammaaruring jo bo leng teng.


E mong le e mong ya nang le tshepo eo ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha yena a hlwekile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos