Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ke ka baka leo, nna Pauluse, motshwaruwa wa Kreste Jesu, bakeng sa lona baditjhaba,

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:1
30 Referencias Cruzadas  

Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara, ba le hlorise, ba le neele masinagogeng le diteronkong, le iswe pela marena le babusi ka baka la lebitso la ka.


Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; mme a botsa hore na ke mang, le hore na o entseng.


Yaba o mo nka, a mo isa ho molaodi wa sekete, a re: Pauluse, motshwaruwa o mpitsitse, a nthapela hore ke tlise mohlankana enwa ho wena, mme o na le seo a batlang ho o bolella sona.


Pauluse a re: Ke rapela Modimo hore e se be wena feela, empa le bohle ba nkutlwang kajeno, ba be jwaloka nna, haese ditlamo tsena.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Mme le fa re le mo pitlaganong, ke gore lo bone kgomotso le poloko, e e nang le mosola mo go itshokeleng dipogiso tse le rona re di bogang;


Jwale, nna, Pauluse, ke a le rapela ka bonolo le bonolo ba Kreste, eo ke leng bonolo hara lona ha ke le teng, empa ha ke le siyo, ke le sebete mabapi le lona.


Na ke basebeletsi ba Kreste? (Ke bua jwaloka sethoto) ke fetisa ka boholo; ka ditapisetso tse ngata ho fetisa, ka lichapo tse fetisisang, lichankaneng hangata, le lefung hangata.


Haele nna, banabeso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke sa ntse ke hlorisetswang? joale e be khopiso ea sefapano e felile.


Bonang, nna Paulosi ke re ho lona, ha le ka bolla, Kreste a ke ke a le thusa letho.


Mme ba e leng ba Kreste ba thakgisitse nama le dithato le ditakatso.


ho ya ka morero o sa feleng oo a o rerileng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ka baka leo, ke rata hore le se ke la tepella ka baka la ditsietsi tsa ka ka baka la lona, tseo e leng tlotla ya lona.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


eo ke leng lenqosa la yona ka ditlamo, ke tle ke bue ka yona ka sebete kamoo ke tshwanetseng ho bua kateng.


Feela joalokaha ho loketse hore ke nahane sena ka lōna bohle, kaha ke na le lōna ka pelong ea ka; ka ha ditlamong tsa ka, le ho femela, le ho tiisa Evangeli, ke lona bohle le nang le kabelo mohaung wa ka.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Tumediso ka letsoho la ka, Pauluse. Hopolang litlamo tsa ka. Mohau o be le lona. Amen. (E ngotsoe ho tloha Roma ho ea ho Bakolose ke Tykikase le Onesimase.)


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Nna Pauluse, motshwaruwa ka baka la Jesu Kreste, le Timothea, ngwanabo rona, re ngolla Filemone, moratuwa wa rona, mosebetsi mmoho le rona,


O dumedisa Epafrase, motshwaruwa mmoho le nna ho Kreste Jesu;


Leha ho le jwalo, ka baka la lerato, ke a o rapela haholo, kahobane ke le Pauluse wa leqheku, mme jwale ke bile ke le motshwaruwa ka baka la Jesu Kreste.


O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos