Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 7:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Baratuwa, kaha re na le ditshepiso tsena, a re itlhwekiseng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phethahatsa khalalelo ka ho tshaba Modimo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 7:1
48 Referencias Cruzadas  

Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.


Le be ba phethahetseng, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethahetse.


Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo.


Ke moo phutheho yohle ya Judea le ya Galelea le ya Samaria ya eba le kgotso, mme e ntse e hahuwa mme ba tsamaya ka ho tshaba Morena, le matshedisong a Moya o Halalelang, ba ata.


Ho feta moo, molao o ile oa kena, hore tlōlo ea molao e ate. Empa moo sebe se ileng sa ata, mohau o ata haholo.


Hobane le rekilwe ka theko;


Hobane ditshepiso tsohle tsa Modimo ke E, ka yena, mme di Amen ho yena, tlotlisong ya Modimo ka rona.


Bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Hobane Modimo ha o a re biletsa ditshila, empa o re bileditse kgalalelong.


Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


Ka baka leo, ha re amohela mmuso o ke keng wa sisinyeha, a re beng le mohau oo ka wona re ka sebeletsang Modimo ka mokgwa o o kgahlisang, ka borapedi le ka tshabo.


Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona.


Leha ho le joalo, le hoja re bua joalo, baratuoa, re kholisehile ka lintho tse molemo ka ho fetisisa le tse tsamaeang le poloko.


Atamelang ho Modimo, mme o tla le atamela. Hlwekisang matsoho a lona, lona baetsadibe; mme le hlwekise dipelo tsa lona, lona ba dipelo tse pedi.


Empa jwaloka ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya ditsamaiso;


Mme ekare ha le rapela Ntate ya ahlolang ka ho ya ka mesebetsi ya e mong le e mong a sa ye ka tshobotsi, le fedise nako ya ho jaka ha lona mona ka tshabo.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


Baratuwa, ke le eletsa le le bajaki le bajaki, hore le ile ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa hae, a re hlatswa sebeng sohle.


Ha re bolela dibe tsa rona, o a tshepeha, o lokile, ho re tshwarela dibe, le ho re hlatswa bokgopo bohle.


E mong le e mong ya nang le tshepo eo ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha yena a hlwekile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos