Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 6:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Na ha le tsebe hore bahalaledi ba tla ahlola lefatshe na? mme ekare ha lefatshe le ahlolwa ke lona, na ha le a tshwanela ho ahlola ditaba tse nyenyane na?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Na ha le tsebe hoba bahalaledi ba tla ahlola lefatshe? Mme ha esita lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le lokele ho ahlola ditseko tse nyenyane na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Kapa ha le tsebe hore badumedi ke bona ba tla ahlola lefatshe? Haeba lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le a lokela ho ahlola ditaba tse fokolang?

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Na ha le tsebe hore bahalaledi ba tla ahlola lefatshe na? mme ekare ha lefatshe le ahlolwa ke lona, na ha le a tshwanela ho ahlola ditaba tse nyenyane na?

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 6:2
18 Referencias Cruzadas  

Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


hore le tle le je, le nwe tafoleng ya ka mmusong wa ka, mme le dule diteroneng, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


Na ha le tsebe hoba eo le ineelang yena ho ba bahlanka ba ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang; leha e le ba sebe se isang lefung, kapa ba kutlo e isang ho lokeng?


Ea bohlale o kae? Mongodi o kae? mophekisi wa lefatshe lena o kae? A Modimo ga o a dira botlhale jwa lefatshe leno boeleele?


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Ekare ha le ahlola ditaba tsa bophelo bona, le ba bee ba ahlolang ba nyatsehang phuthehong.


Re ntse re sa talime tse bonahalang, empa re talima tse sa bonahaleng; empa tse sa bonahaleng ke tsa ka ho sa feleng.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos