Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Jwale ya lemang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe, mme e mong le e mong o tla amohela moputso wa hae ho ya ka mosebetsi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme ya hlomang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe feela; mme e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng wa hae, ka tekanyo ya mosebetsi oo e leng wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ya lemang le ya nwesetsang ba a tshwana, mme e mong le e mong o tla amohela moputso ho ya ka mosebetsi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Jwale ya lemang le ya nosetsang ke ntho e le nngwe, mme e mong le e mong o tla amohela moputso wa hae ho ya ka mosebetsi wa hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:8
25 Referencias Cruzadas  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Le yena a re ho yena: Le wena, o buse metse e mehlano.


Ke yena ya tla busetsa e mong le e mong ho ya ka diketso tsa hae:


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Ekare ha mosebetsi wa motho o tiya, oo a o hahileng hodima yona, o tla fuwa moputso.


Jwale, ya lemang hase letho, leha e le ya nosetsang; empa ke Modimo ya medisang.


Hobane re basebetsi mmoho le Modimo; le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.


Hobane leha le ka ba le baruti ba dikete tse leshome ho Kreste, bontata lona ha ba bangata;


Ke mang ya ka yang ntweng ka tefiso ya hae? ke mang ya hlomileng tshimo ya merara, mme a sa je ditholwana tsa yona? Kapa ke mang ya alosang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape?


Empa e mong le e mong a ke a leke mosebetsi wa hae, mme ke moo a tla ba le thabo ka ho yena a nnotshi, e seng ho e mong.


Hobane e mong le e mong o tla jara phahlo ya hae.


Gobane Modimo ga se yo a sa lokago ge a ka lebala modiro wa lena le lerato leo le le bontšhitšego leineng la gagwe, ka ge le hlanketše bakgethwa, le sa ba direla.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


Iponeleng, hore le tle le se ke la lahleheloa ke tseo re li sebelitseng, re mpe re amohele moputso o tletseng.


Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Mme bona, ke tla kapele; mme moputso wa ka o ho nna, ho putsa e mong le e mong kamoo mosebetsi wa hae o tla ba kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos