Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 3:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Haele nna, banabeso, ke ne ke sa kgone ho bua le lona jwaloka hoja ke bua le ba moya, empa jwaloka hoja ke bua le ba nama, jwaloka hoja ke bua le bana ba ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele nna, banabeso, ke sitilwe ho bua le lona jwaloka hoja le le baho ba moya, ke buile jwaloka hoja le le ba nama, leha e le masea ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bana beso, nna ke sitilwe ho bua le lona jwalokaha ke ne nka bua le batho ba nang le Moya o Halalelang, empa ke buile le lona jwalokaha le le ba lefatshe, jwaloka masea ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Haele nna, banabeso, ke ne ke sa kgone ho bua le lona jwaloka hoja ke bua le ba moya, empa jwaloka hoja ke bua le ba nama, jwaloka hoja ke bua le bana ba ho Kreste.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 3:1
11 Referencias Cruzadas  

Empa yena a reteleha, a re ho Petrose: Tloha ho nna, Satane, o kgopiso ho nna, hobane ha o utlwe tsa Modimo, empa tsa batho.


Hobane re a tseba hoba molao ke wa moya; empa nna ke wa nama, ke rekisitswe tlasa sebe.


Banab’eso, le se ke la ba bana matleng a kelello;


Ekare ha motho a itekanya hore ke moporofeta, kapa ke motho wa moya, a a dumele hore tseo ke le ngollang tsona ke ditaelo tsa Morena.


Empa re bolela bohlale hara ba phethehileng, empa e seng bohlale ba lefatshe lena, leha e le ba marena a lefatshe lena a fediswang.


Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna ba moea, le mo tsose ka moea o mosa; o itebele, o tle o se ke wa lekwa le wena.


Hobane e mong le e mong ya nwang lebese ha a tsebe lentswe la ho loka, hobane ke lesea.


Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos