Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Leha nka fana ka maruo a ka kaofela ho fepa bafumanehi, leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, mme ke se na lerato, ha ho nthuse letho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme leha nka aba maruo a ka wohle, ka fana ka wona, kapa leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, ha ke se na lerato, tseo ha di nthuse letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Leha nka fana ka maruo a ka kaofela ho fepa bafumanehi, leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, mme ke se na lerato, ha ho nthuse letho.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:3
22 Referencias Cruzadas  

Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;


Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Petrose a re: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela.


Sakea a ema, a re ho Morena; Bona, Morena, halofo ya thepa ya ka ke e nea bafumanehi; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke mo buseletsa hasaneng hane.


Hobane ba ne ba rata thoriso e tswang ho batho ho feta thoriso ya Modimo.


Petrose a re ho yena: Morena, nke ke ka o latela jwang jwale? Ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao.


Ha ho ya nang le lerato le fetang lena, hore motho a tele bophelo ba hae bakeng sa metswalle ya hae.


Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.


Pauluse a araba, a re: Le etsang, ha le lla, le ho ntlhomola pelo? hobane ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa le ho shwela Jerusalema ka baka la lebitso la Morena Jesu.


A re se keng ra ipatlela thoriso ya lefeela, ra phephetsana, ra honohelana.


Le se ke la etsa letho ka kgang, leha e le ka boithoriso ba lefeela; empa ka boikokobetso, e mong le e mong a nke ba bang ba le molemo ho yena.


Hobane ho thapisa mmele ha ho thuse letho, empa borapedi bo na le thuso nthong tsohle, bo na le pallo ya bophelo ba jwale, le ya bo tlang ho tla.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos