Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 11:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Jwale, banabeso, ke a le rorisa, ha le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka ditaelo, jwalokaha ke le neile tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke a le boka, banabeso, kahobane le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka dithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke a le rorisa hobane kamehla le a nkgopola, mme le boloka tsohle kamoo ke di fetiseditseng ho lona kateng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Jwale, banabeso, ke a le rorisa, ha le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka ditaelo, jwalokaha ke le neile tsona.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 11:2
12 Referencias Cruzadas  

Bobedi ba bona e ne e le ba lokileng pela Modimo, ba tsamaya ka ditaelo le ditaelo tsohle tsa Morena, ba se na sekodi.


Jwale, tabeng ena eo ke le bolellang yona, ha ke le rorise ka hoba le phutheha, e seng bakeng sa molemo, empa bakeng sa bobe.


Eng? Na ha le na matlo a ho jela le ho noela teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, le hlabisa ba se nang letho dihlong? Ke tla re’ng ho uena? na ke tla u rorisa tabeng ee? Ha ke o rorise.


Ke tseo le bolokehang ka tsona, ha le ka hopola molaetsa oo ke le boleletseng wona, haese ha le sa ka la dumela lefeela.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepahalang Moreneng, ya tla le hopotsa metsamao ya ka e ho Kreste, jwalokaha ke ruta hohle diphuthehong tsohle.


E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.


Le ile la ba baetsisi ba rona le ba Morena, kaha le ile la amohela lentswe mahlomoleng a maholo ka thabo ya Moya o Halalelang.


Empa jwale, ha Timothea a etswa ho lona, a tla ho rona, a re tlisetsa molaetsa o molemo wa tumelo ya lona le lerato la lona, le hore le ntse le re hopola hantle ka mehla, le hlolohetswe haholo ho re bona jwalokaha le rona re le bona.


Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.


Jwale, banabeso, re le laela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le ikarole ho ngwanabo rona e mong le e mong ya tsamayang ka mokgwa o sa laoleheng, e seng ka mokgwa oo le o amohetseng ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos