Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Hobane le ruisitswe ke yena nthong tsohle, dipolelong tsohle, le tsebong yohle;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane le filwe ho yena monono dinthong tsohle, monono wa mantswe wohle le wa tsebo yohle;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 hobane ka yena le ruisitswe ka mekgwa yohle, dipolelong tsohle le tsebong yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Hobane le ruisitswe ke yena nthong tsohle, dipolelong tsohle, le tsebong yohle;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:5
27 Referencias Cruzadas  

Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


Jwale haeba ho wa ha bona e le leruo la lefatshe, mme ho fokotseha ha bona ho ruisa baditjhaba; hakakang ho tlala ha tsona?


Haele nna, banabeso, ke kgodisehile ka lona hore le lona le tletse molemo, le tletse tsebo yohle, le hore le ka kgona le ho eletsana.


Hobane tsohle tse ngodilweng pele, di ngotswe ho re ruta, hore ka mamello le ka tshediso ya Mangolo re tle re be le tshepo.


E mong o etsa mehlolo; ho e mong boprofeta; e mong temoho ya meya; e mong mefuta e fapaneng ya maleme; e mong ke tlhaloso ya dipuo.


Hobane e mong o newa ke Moya lentswe la bohlale; e mong o bolela lentswe la tsebo ka wona Moya oo;


Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ke utlwisisa diphiri tsohle le tsebo yohle; mme leha ke na le tumelo yohle, hoo nka tlosang dithaba, mme ke se na lerato, ha ke letho.


Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.


Ho tla jwang jwale, banabeso? Ha le phuthehile, e mong le e mong wa lona o na le sefela, o na le thuto, o na le puo, o na le tshenolo, o na le tlhaloso. Lintho tsohle li ke li etsoe ho haha.


Mme ka tsebo ya hao moena ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela?


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.


Ka baka leo, jwalokaha le atetswe ke ntho tsohle, tumelong, le dipolelong, le tsebong, le mafolofolong wohle, le ka lerato leo le re ratang ka lona, le ka ata le mohaung ona.


le ruilwe nthong tsohle ho newa ka bongata, ho isang teboho ho Modimo ka rona.


Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Le bakeng sa ka ke tle ke newe polelo, ke tle ke ahlamise molomo wa ka ka sebete, ke tle ke tsebise sephiri sa Evangeli;


Mme ke rapella sena, hore lerato la lona le ka ata ka ho fetisisa tsebong le kahlolong yohle;


Ho yena ho patilwe matlotlo wohle a bohlale le a tsebo ho yena.


mme le apare motho e motjha, ya ntjhafatswang tsebong ka setshwantsho sa ya mmopileng.


Ke mang hara lona ya bohlale, ya nang le tsebo? a ke a bonahatse ka metsamao e metle mesebetsi ya hae ka bonolo ba bohlale.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos