Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Jwale ke bolela hore e mong le e mong wa lona o re: Nna, ke wa Pauluse; le nna ke wa Apolose; le nna ke wa Kefase; le nna ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Seo ke se bolelang ke hore e mong wa lona o re: “Nna ke wa Paulosi,” e mong: “Nna ke wa Apolosi,” e mong: “Nna ke wa Kefase,” e mong hape: “Nna ke wa Kreste.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Jwale ke bolela hore e mong le e mong wa lona o re: Nna, ke wa Pauluse; le nna ke wa Apolose; le nna ke wa Kefase; le nna ke Kreste.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:12
20 Referencias Cruzadas  

Empa lona, le se ke la bitswa Rabi, hobane Monghadi wa lona o mong, e leng Kreste; mme lona bohle le bana ba motho.


A mo tlisa ho Jesu. Jesu ha a mmona, a re: O Simone, mora Jona;


Jwale Mojuda e mong ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya kheleke puong, ya matla Mangolong, a fihla Efese.


Eitse ha Apolose a ntse a le Korinthe, Pauluse ha a haola le naha e ka hodimo, a fihla Efese;


Hobane banabeso, ba ntlo ya Kloe ke boleletswe ka lona hore ho na le dikomang hara lona.


Le hore o bonwe ke Kefase, hamorao ho ba leshome le metso e mmedi.


Jwale, banabeso, ke bolela hore nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo; le ho bola ha ho rue ho se boleng.


Ha e le Apolose, ngwanabo rona, ke mo qela haholo hore a tle ho lona le badumedi empa o tla tla ha a e-na le nako.


Bana beso, taba tseo ke di tshwantshitse ho nna le ho Apolose, ka baka la lona; le tle le ithute ka ho rona ho se lebale batho ho fetisa se ngodilweng, hore ho se ke ha eba e mong wa lona ya ikgohomosetsang e mong ho e mong.


Empa ke bolela sena, banabeso, hore nako e kgutshwanyane;


Na ha re na matla a ho tsamaya le kgaitsedi, le mosadi, le baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?


Na le talima lintho ka ponahalo ea ka ntle? Ekare ha e mong a itshepa hore ke wa Kreste, a a boele a hopole taba ena ka boyena, hore, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.


Empa ke re: Ya jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; mme ya jalang haholo o tla kotula haholo.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Mme ke re: Selekane se tiisitsweng pele ke Modimo ke Kreste, molao o bileng teng kamorao ho dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa e fedisa, hore o tle o fedise pallo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos