Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Sefela sa Salomone 7 - BIBELE


Mohlankana:

1 Maoto a hao a tshwanelwa ke meqathatso, a tshwanelwa ke yona hakaakang, wena kgosatsana, moradi wa kgosi! Thopola tsa hao di ka mabenyane, mabenyane a entsweng ke setsebi sa mekgabiso.

2 Mokgubu wa hao o ka mopotjwana, o sa ke be o hloke veine e tswakilweng ka dinoko. Theka la hao le tshwana le setha sa mabele, se potapotilweng ke mehaladitwe kahohle.

3 Matswele a hao a ka potsanyane tse pedi, potsanyane tsa mafahlanyana, potsanyane tsa tshepe.

4 Molala wa hao o ka tora ya manaka a tlou, mahlo a hao a ka matshana a Heshebone, a pela monyako wa motse, motse oo o moholo. Nko ya hao e ka tora ya Lebanone, tora e lebileng ka nqeng ya Damaseka.

5 Hlooho ya hao e phahame sa Thaba ya Karamele, moriri wa hao o benya sa lesela le perese, lenyetse la hao le hapile pelo ya kgosi.

6 O motle hakaakang, wena moratuwa! Rato la hao le kgahlisa ka tsohle!

7 Seemo sa hao se ka fate sa palema, matswele a hao a ka masihla a morara.

8 Yaba ke re: “Ke tla hlwella hodima fate sena sa palema, ebe ke kgola tholwana tsa sona.” Matswele a hao a tla ka masihla a morara, moya wa hao o ke monkwane wa diapole,

9 molomo wa hao o ke veine e monate. A veine e lelemelle ho moratuwa, e theohele molomong le menong a hae.


Morwetsana:

10 Nna ke wa moratuwa wa ka, takatso tsa hae di tobile nna feela.

11 Tloo, moratuwa, re ikele hara naha, re yo ipaqamela hara dipalesa.

12 A re tsohelle rapeng tsa morara, re yo bona hore na morara o so fupile, na thunthung tsa wona di se di hlahile, na dikgarenate di se di thuntse na. Lerato ke tla o abela lona re le moo.

13 Apole tsa moratiso di nkga hamonate, tholwana tsa mefuta yohle di pela monyako wa rona; tholwana tse ntjha le tholwana tsa kgale ke o boloketse tsona, wena moratuwa.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ