Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Sefela sa Salomone 5 - BIBELE


Mohlankana:

1 Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Metswalle: Sefela sa bone Morwetsana:

2 Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”


Mohlankana: Morwetsana:

3 “Aparo sa ka ke se ke se hlobotse, na nka boela ka se apara? Maoto a ka le wona ke se ke a hlatswitse, na nka boela ka a silafatsa?”

4 Ha moratuwa a tshwara lemati, a le tshwara ho bula, pelo ya ka e a thanya ha ke mo hopola.

5 Ka tsoha ho bulela moratuwa monyako, mmira o rotha matsohong a ka, menwana le yona e rotha mmira, ha ke tshwara mohele wa lemati ke bula.

6 Moratuwa wa ka ka mmulela monyako, athe moratuwa o sa fetile, a ile. Ha a bua ka kgathala matla, ka mmatla, ka se ke ka mo fumana, ka mmitsa, empa a se ka nkaraba.

7 Balebedi ha ba pota le motse ba mphumana, ba nteteka, ba ntlatsa matoma; balebedi bao ba hodima marako, ba ntlhotholotsa seaparo sa ka!

8 Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya: Ha le fumana moratuwa le tla reng ho yena? Mmolelleng hore rato lena le a nkudisa.


Metswalle:

9 Moratuwa wa hao o feta ba bang ka eng, wena Seilatsatsi hara basadi ba bang? Moratuwa wa hao o feta ba bang ka eng, hoo o ka re layang ka mokgwa o tjee?


Morwetsana:

10 Moratuwa o leredi, madi a thopohetse letlalong, ke yena pabala hara ba kete di shome;

11 hlooho ya hae e ka kgauta e hlwekisitswe, moriri o ririetse, o motsho sa mokgwabane.

12 Mahlo a hae a mapudutswana, sa maebana-kgorwana a dinokana, a dutse pela metsi e ka a hlatswitswe ka lebese.

13 Marama a hae a ka rapa se metse dinoko, rapa sa ditlama di le monko o monate; melomo ya hae e ka mehaladitwe, mehaladitwe e rothang lero la mmira.

14 Matsoho a hae a ka meholoko ya kgauta, meholoko e kgabisitsweng ka lejwe la Tarashishe; mmele wa hae o benya sa manaka a tlou, manaka a tlou a kgabisitswe ka disafire.

15 Tlhafu tsa hae di tshwana le tshiya tsa mahakwe, tse hodima tshehetso tsa kgauta e hlwekisitswe; bopeho sa hae se kgahleha sa naha ya Lebanone, se kgethehile jwaloka kedare tsa Lebanone.

16 Polelo tsa hae tsona ke tse mathe-malodi, athe ha e le yena ke tjaka, o a rateha. Enwa ke yena moratuwa wa ka, enwa ke yena motswalle wa ka, lona baradi ba Jerusalema.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ