Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Sefela sa Salomone 4 - BIBELE


Mohlankana:

1 O motle hakaakang, wena moratuwa wa ka! O motle hakaakang! Mahlo a hao a kwahetsweng ke lesira a ka maeba, moriri wa hao o ka mohlape wa dipodi ha di lepella Thabeng ya Gileade.

2 Meno a hao a ka mohlape wa dinku di qeta ho kutwa, di nyoloha moo di tswa hlatsuwa teng; thojana ka seng se tswetse mafahla, ha ho le se seng sa tsona se sa tswalang.

3 Melomo ya hao e ka kgwele e kgubedu, ho bua ha hao le hona ho a kgahleha; marama a hao, a kwahetsweng ke lesira, a tshwana le kgekge tsa kgarenate, kgarenate e petsotswe.

4 Molala wa hao o tshwana le tora ya Davida, e hahilweng ka bokgabane bo boholo; ho yona ho leketla dithebe di le sekete, kaofela ha tsona e le dithebe tsa bahlabani.

5 Matswele a hao a ka potsanyane tse pedi, mafahlanyana a tshepe a fulang mehaladitweng.

6 Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, ke tla nyolohela thabeng e metseng tlama tsa mmira, ke nyolohele leralleng le metseng tlama tsa mokubetso.

7 Moratuwa, botle ba hao bo phethehile, botle ba hao bo hloka sekodi.

8 Tloha le nna Lebanone, monyaduwa wa ka, tloha le nna Lebanone! Theoha tlhorong ya Amana, o theohe tlhorong ya Senire le ya Heremone, o tlohe dilaong tsa ditau, thabeng tseo mangau a phelang ho tsona.

9 O hapile pelo ya ka, wena kgaitsedi, o hapile pelo ya ka, monyaduwa wa ka; wa e hapa ka ho nthe hedi! ka la moleka, ka mofollelo o le mong wa faha sa molala wa hao.

10 Rato la hao le monate hakaakang, kgaitsedi, monyaduwa wa ka! Rato la hao le monate ho feta veine, menkwane ya hao e feta le ya dinoko!

11 Mahe a dinotshi a rotha molomong wa hao, monyaduwa wa ka, tlasa leme la hao ho tswa lebese, le mahe a dinotshi, menkwane ya aparo tsa hao e ka ya Lebanone.

12 O rapa se sireleditsweng, kgaitsedi, monyaduwa wa ka; o diba se haheleditsweng, sa bitielwa.

13 Dikgarenate ke dimela tsa tshimo ya hao, tholwana tsa tsona, ka monate, di a babatswa! Mmasa le dinareta le tsona di a fumanwa.

14 Ho metse nareta le saforone le lehlaka le sinamone, le fate tsa mokubetso ka mefuta ya tsona. Mmira le lekgala le tsona di mela moo, le tlamana tsohle tse monko o monate.

15 O mohlodi o nwesetsang serapa, o diba sa metsi a kollang, a phallang a etswa kwana Lebanone.


Morwetsana:

16 Tsoha wena moya wa leboya, ako tle le wena moya wa borwa! Puputlelang ka serapeng sa ka, menkwane ya sona e phatlallele hohle, moratuwa a ke a tle ka rapeng sa hae, a je tholwana tse monate ka ho fetisa!

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ