Sefela sa Salomone 3 - BIBELEMorwetsana: 1 Bosiu ha ke robetse phateng tsa ka, ke ile ka batla ya ratwang ke pelo ya ka; ka mmatla, ka se ke ka mo fumana. 2 Jwale ka tsoha ka ya le motse wohle, terateng tsa wona le mabaleng a wona, ke batla ya ratwang ke pelo ya ka; ka mmatla, ka se ke ka mo fumana. 3 Ka teana le balebedi ba ntse ba potoloha le motse, ka re ho bona: “Na le kile la bona moratuwa wa ka?” 4 Yare ke sa tswa ba feta, moratuwa wa ka ka mo fumana; ka mo mamarela, ka se ke ka mo tlohela ho fihlela ke kena le yena ka lapeng heso, ke mo isa ka kamoreng ya mme, montswadi wa ka. Mohlankana: 5 Lona baradi ba Jerusalema, ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya ho fihlela yena a ka rata ho tsoha! Sefela sa boraro Metswalle: 6 Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo? 7 Ke Solomone, o nkile malao a hae, o potapotilwe ke bahale ba mashome a tsheletseng, mokgetho wa dikwankwetla tsa naha ya Iseraele. 8 Kaofela ha bona ba hlometse ka disabole, kaofela ha bona ntwa ba e tlwaetse, disabole di leketla qholong tsa bona, ba laletse ha mokgosi wa bosiu o hlajwa. 9 Kgosi Solomone o iketseditse malao, a a etsa ka lehong la Lebanone; 10 ditshiya tsa wona a di etsa ka silefera, mokokotlo wa wona ya eba wa kgauta, kallane ya eba ya lesela, lesela le perese, bokahare ba wona bo lohilwe ke baradi ba Jerusalema bo lohilwe ke bona ka lerato. 11 Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa