Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Sefela sa Salomone 2 - BIBELE


Morwetsana:

1 Nna ke palesa ya Sharone, mohaladitwe o melang dikgohlong.


Mohlankana:

2 Ha moratuwa a le hara barwetsana o ka mohaladitwe hara meutlwa.


Morwetsana:

3 Ha moratuwa a le hara bahlankana, o ka fate sa apole hara fate tsa meru. Ke thabela ho phomola moriting wa hae; tholwana hae e a hlabosa ha ke e latswa.

4 O nkisitse tlung ya boithabiso, tlung ya dino, a ntshireletsa ka mokhele wa lerato la hae.

5 Mmatlafatseng ka mangangajane a morara, le nkgathlolose ka ho mpha diapole, hoba rato ke lena le mphokodisitse.

6 Ke samme tsoho la hae le letshehadi, ka tsoho la hae le letona o nkopile.


Mohlankana:

7 Lona baradi ba Jerusalema ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya, ho fihlela yena a ka rata ho tsoha.


Sefela sa bobedi Morwetsana:

8 Ke utlwa lentswe la moratuwa, lentswe ke leo! Ke eo a etla a tlola hodima dithaba, a ntsa laqoma hodima maralla.

9 Moratuwa o tshwana le tshepe kapa namane ya kgama; mmoneng ke eo a eme kamora lerako, a shebile ka fesetere, a hlwedisa le ka diphera.

10 Jwale moratuwa o bua le nna, o re: “Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye.

11 Bona, mariha a sa fetile, pula le tsona di kgaoditse.

12 Palesa di fupuhile hara mohlaba, nako ya ho bina e se fihlile, kunkuru ya maebana-kgorwana, e utlwahala naheng ya heso.

13 Sefate sa feiye se beha tholwana tsa sona, morara o a thunya, ho nkga hamonate. Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye.”


Mohlankana:

14 Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha.


Metswalle:

15 Re tshwasetseng diphokojwe le diphokojwana, tsona tse senyang masimo a rona a morara, hoba jwale morara wa rona o thuntse.


Morwetsana:

16 Moratuwa ke wa ka, le nna ke wa hae, o fudisa mohlape wa hae, o o fudisa mehaladitweng.

17 Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, kgutla, wena moratuwa, o tlole jwaloka tshepe, kapa namane ya kgama hara dithaba tse matsaranka.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ