Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Sefela sa Salomone 1 - BIBELE

1 Sefela sa Difela sa Solomone.


Morwetsana:

2 Ako nkake ka molomo wa hao, hoba rato la hao le monate ho feta veine.

3 Menkwane ya ditlolo tsa hao e nkga hamonate, bitso la hao le ka setlolo ha se qhatsitswe, hase feela barwetsana ba o dumang!

4 Nkuke ke ye le wena, re mathe mmoho, kgosi e nkise kamoreng ya yona. Re tla didietsa, re o nyakallele, re rorise rato la hao ho feta veine. Ba nepile hakaakang ha ba o duma hakaale!


Metswalle: Morwetsana:

5 Leha ke le motshwana, nna ke botlenyana, lona baradi ba Jerusalema; ke motshwana sa tente tsa Kedare, ke ka masira a tente ya Solomone.

6 Se mmakalleng hobane ke le motshwana; ke motshwana tjena hobane tsatsi le ntjhesitse. Kgaitsedi tsa ka di ne di ntlhoile, tsa ntaela ho ya tshosa masimong a morara, nako ya ho itlhokomela yaba ke a e hloka.

7 Ako mpolelle, wena moratuwa wa ka, moo kgulo la mohlape wa hao le leng teng, moo o bothisang mohlape wa hao teng, ha le le hloohong tsa mengala, esere ka fumanwa ke ntse ke lelera, ke o batla hara mehlape ya thaka tsa hao.


Mohlankana:

8 Haeba o sa tsebe, wena Seilatsatsi hara basadi, latela mohlala wa mohlape, potsanyane tsa hao o di fudise, o di fudise pela ditente tsa badisa.

9 Wena moratuwa, o ka pitse ya sethole, e hulang kariki ya Faro ya ntwa.

10 Marama a hao a a rateha ka masale a lepeletseng, molala wa hao o tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.

11 Re tla o etsetsa masale a kgauta, re a kgabise ka naletsana tsa silefera.


Morwetsana:

12 Ha kgosi e ne e dutse dijong, menkwane ya ka ya nkga hamonate.

13 Ho nna moratuwa o ka mokotlana o tshetseng mmira, o bang fubeng sa ka ka nako tsohle.

14 Ho nna moratuwa o tshwana le thunthung tsa mmasa, tse tswang masimong a morara, masimo a Ene-Gedi.


Mohlankana:

15 O motle hakaakang, wena moratuwa wa ka! O motle hakaakang! Mahlo a hao a mapudutswana sa maeba!


Morwetsana:

16 O motle hakaakang, wena moratuwa! E, ruri o motle, o a rateha! Moalo wa rona o ka jwang bo botalana!


Mohlankana:

17 Dibalaka tsa ntlo ya rona ke tsa kedare, maballo a yona ke a difate tsa modutu.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ