Sakaria 13 - BIBELEBaahi ba Jerusalema ba tla hlwekiswa 1 “Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona. 2 “Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena. 3 Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: ‘O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena.’ Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta. 4 “Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse. 5 O tla re: ‘Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka.’ 6 Haeba e mong a ka mmotsa, a re: ‘Mehwabadi ee ke yang e mmeleng wa hao?’ O tla araba, a re: ‘Ke ya ha ke ne ke shapuwa ke metswalle ya ka ka matlung a yona.’ ” Taelo ya ho bolaya modisa wa Modimo 7 “Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana. 8 Hara naha yohle,” ho rialo Morena, “ke tla otla karolo tse pedi tsa mohlape, ke di otle, ke be ke di timetse, ya boraro yona e sale e phela. 9 Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa