Sakaria 10 - BIBELEMorena o tla lopolla setjhaba 1 Kopang Morena ho le fa pula, selemo, kaha ho fehla maru a pula o a ho tseba. O nesetsa batho pula ya ditlwebelele, a e nesetse bohle, le dijalo hara masimo. 2 Dipolelo tsa medingwana ke tsa bohata, pono tsa bonwang ke dinohe ke tsa leshano, di bolela toro tse se nang nnete. Matshediso a dinohe tsena ha a na thuso; setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi, se tsielehile ke ho hloka modisa. 3 Morena o re: “Kgalefo ya ka e tloketse badisa, kahoo baetapele bana ke tla ba otla. Morena wa mabotho o tla baballa mohlape wa hae, e leng ba ntlo ya Juda, ba tshwana le pere e mabela ya ntwa. 4 Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda, thakgisa ya tente e tswe ho yena, seqha sa ntwa le sona se tswe ho yena, le babusi bohle ba tla tswa ho yena. 5 Bohle e tla ba dinatla tsa batho, dira tsa bona ba di hatakele, ba di kgotlelle diretseng ba le ntweng. Ba tla lwana, hoba Morena o a ba thusetsa, bapalami ba dipere ba phasaphase. 6 “Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda, ba ntlo ya Josefa ke ba pholose. Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona, hobane ke ba utlwela bohloko. Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle, hobane nna ke Morena, Morena Modimo wa bona, ke tla amohela thapelo tsa bona. 7 Ba Efraime e tla ba dinatla tsa batho, pelo tsa bona di nyakalle ke thabo, di nyakalle, e ke ba nwele veine. Bana ba bona ba tla bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele Morena. 8 Ke tla ba hwehla, ke ba kgobokanye, hobane ke na ya ba lopolotseng; ba tla ba bangata sa mohla monene. 9 Leha ke ba qhalanyeditse hara baditjhaba, ba tla nne ba nkgopole ba le naheng tse hole, bona le bana ba bona ba tla phela, ba be ba kgutlele ha habo bona. 10 Ke tla ba kgutlisa naheng ya Egepeta, ke ba phuthe, ba kgutle Asiria. Ke tla ba tlisa Gileade, ke ba tlise le Lebanone, ho fihlela naha tseo di sa ba lekane. 11 Ke tla ba tshedisa lewatle la ditlokotsi, maqhubu a bilohang ke a bobise, dikweetsa tsohle tsa Nile ke di pshese. Boikakaso ba Asiria bo tla kokobetswa, puso ya Egepeta le yona e fele. 12 Matla a bona a tla tswa ho Morena, ba mo kgumamele, ba mo hlomphe,” ho rialo Morena. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa