Numere 1 - BIBELEHo balwa Baiseraele kgetlo la pele ( Dipa. 26:1-51 ) 1 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi bana ba Iseraele ba tlohile naheng ya Egepeta, ha Moshe a le ka Tenteng ya Morena, lehwatateng la Sinai, Morena a bua ho Moshe, a re: 2 “Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle. 3 Wena le Arone le bale banna bohle bao e ka bang bahlabani ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo; le ba bale ka mabotho a bona. 4 Morabeng o mong le o mong le nke monna a le mong ya tla le thusa, e be monna eo e leng hlooho ya lelapa labo.” Baokamedi ba palo ya setjhaba 5 “Ana ke mabitso a banna ba tla le thusa: Lapeng la Rubene e be Elesure mora wa Shedeure. 6 Lapeng la Simeone e be Shelomiele mora wa Surishadai. 7 Lapeng la Juda e be Naheshone mora wa Aminadabe. 8 Lapeng la Isakare e be Netanele mora wa Suare. 9 Lapeng la Sebulone e be Eliabe mora wa Helone. 10 Hara bana ba Josefa: lapeng la Efraime e be Eleshama mora wa Amihude; lapeng la Manase e be Gamaleele mora wa Pedasure. 11 Lapeng la Benjamine e be Abidane mora wa Gidoni. 12 Lapeng la Dane e be Ahiesere mora wa Amishadai. 13 Lapeng la Ashere e be Pagiele mora wa Okerane. 14 Lapeng la Gade e be Eleasafo mora wa Deuele. 15 Lapeng la Nafthali e be Ahira mora wa Enane.” 16 Bana ke bona ba ileng ba kgethwa hara setjhaba, e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mahosana a diketekete tsa Baiseraele. 17 Jwale Moshe le Arone ba nka banna bana ba boletsweng ka mabitso: 18 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae. 19 Moshe a ba bala ba le lehwatateng le Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ho balwa merabe e leshome le metso e mmedi 20 Ha balwa bana ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 21 Ba morabe wa Rubene ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane a metso e tsheletseng le makgolo a mahlano. 22 Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 23 Ba morabe wa Simeone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano a metso e robong le makgolo a mararo. 24 Ha balwa bana ba Gade, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 25 Ba morabe wa Gade ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng le mashome a mahlano. 26 Ha balwa bana ba Juda ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. 27 Ba morabe wa Juda ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a supileng le metso e mene le makgolo a tsheletseng. 28 Ha balwa bana ba Isakare ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. 29 Ba morabe wa Isakare ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e mene le makgolo a mane. 30 Ha balwa bana ba Sebulone ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo. 31 Ba morabe wa Sebulone ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e supileng le makgolo a mane. 32 Hara bana ba Josefa ha balwa bana ba Efraime ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 33 Ba morabe wa Efraime ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le makgolo a mahlano. 34 Ha balwa bana ba Manase ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 35 Ba morabe wa Manase ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mabedi. 36 Ha balwa bana ba Benjamine ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 37 Ba morabe wa Benjamine ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mararo le metso e mehlano le makgolo a mane. 38 Ha balwa bana ba Dane ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 39 Ba morabe wa Dane ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a tsheletseng le metso e mmedi le makgolo a supileng. 40 Ha balwa bana ba Ashere ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 41 Ba morabe wa Ashere ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mane le motso o le mong le makgolo a mahlano. 42 Ha balwa bana ba Nafthali ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 43 Ba morabe wa Nafthali ba ileng ba balwa ya eba dikete tse mashome a mahlano le metso e meraro le makgolo a mane. 44 Bana ke bona bohle bao bo-Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ba ena le mahosana a Iseraele, e leng banna ba leshome le metso e mmedi; e mong le e mong wa bona e le hlooho ya lelapa labo. 45 Ena ke palo ya bana bohle ba Iseraele ba ileng ba balwa ho ya ka matlo a bo-ntata bona, bao e neng e ka ba bahlabani ba mabotho a Iseraele, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo. 46 Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano. 47 Empa ha e le Balevi bona ha ba a ka ba balellwa le ba merabe e meng. Balevi ba kgethelwa bolebedi ba Tente ya Morena 48 Morena a bua ho Moshe, a re: 49 “E be ba morabe wa Levi feela bao o sa tlo ba bala, mme palo ya bona o se ke wa e balella le ya bana ba Iseraele. 50 O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote. 51 Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa. 52 Moo bana ba Iseraele ba tla hloma teng, monna e mong le e mong a robale pela tente ya hae, monna e mong le e mong pela mokgele wa hae, ho ya ka mabotho a bona. 53 Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.” 54 Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa