Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Moeklesia 12 - BIBELE

1 Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”

2 Mo hopole tsatsi le eso fifale, le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi, maru a pula a eso aparele hape;

3 matsoho a hao a eso rerekele, meno a hao a eso ka a kgenoha, mahlo a hao a eso ho fifale,

4 tsebe di sa utlwa marata diterateng, lerata la ho sila le sa utlwahala; melodi ya dinonyana e eso be mowewetso, dipina tsohle di sa utlwahala;

5 batho ba eso tshabe ho hlwa mekwalaba, ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi; moriri wa hlooho o eso pudufale, o eso tsamaye o kokoroha, o kokoroha sa tsienyane, takatso tsa hao tsohle di eso fele; hobane motho o ya boyabatho, mahahabo a mo hlabele sa mmokotsane.

6 Mo hopole kgwele ya silefera e eso kgaohe, jana sa kgauta se eso pshatlehe, nkgo e eso bjaratsehe sedibeng, kgwele ya sekgello e eso kgaohele ka sedibeng;

7 lerole le eso busetswe leroleng, moya o kgutlela ho Modimo, Mofani wa wona.

8 “Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti, “tsohle ke lefeela!”


Qetello ya ditaba

9 Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.

10 A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.

11 Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.

12 Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.

13 Tsohle jwale di utlwahetse, mme qetello ya taba ke ena: Tshaba Modimo, o boloke melao ya hae, hoba hona ke tshwanelo yohle ya motho.

14 Diketso tsohle Modimo o tla di ahlola, esita le tsona tsohle tse entsweng bofihla, ebang di ntle kapa di mpe.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ