Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Moeklesia 11 - BIBELE


Se etswang ke mohlalefi

1 Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana.

2 Bo abele ba supileng kapa ba robedi kaha tsietsi tsa lefatshe o ke ke be wa di tseba.

3 Haeba maru a dusa pula a tla e nesetsa hodima lefatshe; fate se ka wela ka borwa kapa ka leboya, moo se welang teng ke moo se tla rapalla teng.

4 Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula.

5 Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle.

6 Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle.

7 Ruri lesedi le molemo, le mahlo a thabela ho bona letsatsi.

8 Leha motho a ka phela lemo tse ngata, a ithabisa ka tsona tsohle, feela a hopole matsatsi a lefifi, hobane a tla ba mangata haholo; tsohle tse tla tla ke lefeela.


Keletso ho batjha

9 Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.

10 Kahoo fedisa matshwenyeho a pelo ya hao, o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao, hoba bongwana le botjha ke mafeelafeelane.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ