Jonase 2 - BIBELEThapelo ya Jonase 1 Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae, 2 a re: “Mahlomoleng a ka ka ipiletsa ho Morena, ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba. Ka kopa thuso ke le botebong ba Nqalo ya Bafu, mme wa utlwa lentswe la ka. 3 O ile wa nkakgela kweetseng, wa nkakgela bodibeng ba lewatle; wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa, maqhubu a tsudubutlana hodima ka. 4 Ka re: ‘O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang.’ 5 Ke fihlile kweetseng, metsi a nkgamme, lewatle le mpotapotile kahohle, bolele bo rareditse hlooho ya ka. 6 Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu. 7 “Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang. 8 “Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau. 9 Ha e le nna ke tla o nyehella ka sehlabelo, ke ntse ke o binela ka teboho, ke phetha le tsona dikano tsa ka. Pholoho e tswa ho Morena!” 10 Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle. |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa