Jobo 27 - BIBELEJobo o hlalosa moputso wa ba kgopo 1 Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re: 2 “Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka; 3 ha feela nna ke sa ntsane ke phela, ke ntse ke phefumoloha moya wa Modimo, 4 molomo wa ka o ke ke be wa bua bokgopo, leme la ka le ke ke be la bolela bohata. 5 Ha nka ke ka dumela hore le nepile, ke tla be ke yo shwa ke ntse ke itatola. 6 “Ho loka ha ka ke boshwa-bo-tshwerwe, ha ke ntse ke phela tswalo le ke ke la nkgwebetha. 7 “Dira tsa ka di ke di tshwane le ba kgopo, bantwantshi ba ke ba be jwaloka balotsana. 8 Letshepa la moetsadibe ke lefe, mohla Modimo a mo amohang bophelo? 9 Na Modimo a ka mamela, a mamela sello sa hae, ha tlokotsi e se mo wetse hodimo? 10 Na yena o tla thabela Ya Matla wohle, a ipiletse ho Modimo ka nako tsohle? 11 “Ke tla le ruta seo matla Modimo a leng sona; merero ya Ya Matla wohle nke ke be ka e pata. 12 Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane? 13 “Seo Modimo a se abetseng ya kgopo, lefa leo Ya Matla wohle a le abetseng ya sehloho, ke lena: 14 Leha a ka atelwa ke bana, ba tla shwa ka sabole, tloholo tsa hae di ke ke tsa anelwa ke dijo; 15 masalla a hae a tla shwa ke lefu la sewa, bahlolohadi ba hae ba ke ke ba mo llela. 16 Leha a ka bokella silefera e kaa ka lehlabathe, bongata ba aparo tsa hae ba ba kaa ka letsopa, 17 tsa etsa pokella, ya lokileng o tla di apara; ba se nang molato silefera ba e arolelane. 18 O hahile ntlo e fokola sa bolepo ba sekgo, e tshwana le lephephe la motshosi masimong. 19 O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere. 20 Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe. 21 Moya wa botjhabela o a mo nka, o ikele ka yena, o mo pheulele hole le lapa la hae; 22 o puputlele ho yena o se na mohau, e be lekgerakgara ha a leka ho o baleha. 23 Ba mo opela diatla, ba be ba mo je tlepane, ba mo letsetse molodi ha a tloha lapeng ha hae.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa