Jobo 14 - BIBELEJobo o re bophelo bo bokgutswanyane 1 “Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi; 2 o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse. 3 Jwale o tjamela ya jwalo ka eo? O ntlisa kapele ho wena ho nkahlola? 4 Na ya ditshila a ka tswala ya hlwekileng? Le kgale! Ho ke ke be ha etsahala jwalo! 5 Tshiu tsa motho di badilwe, palo ya kgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, o mo sehetse moedi, a ke ke be a o tlola. 6 Tlohela ho mo tjamela, a fumane phomolo, nako ya hae e be fete jwaloka ya mohiruwa. 7 “Esita le sefate se na le tshepo: Ha se ka rengwa se tla hlomela hape, makala a sona a ke ke a ba a fela. 8 Leha motso wa sona o ka tsofalla mobung, kutu ya sona ya bolla leroleng, 9 ha se utlwa monko wa metsi se tla hloma, se mele makala jwaloka tlama se setjha. 10 Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae? 11 “Jwalokaha metsi a letsha a nyamela, a fela, noka e feta, e be e pshe, 12 le motho o a robala, a roballe ruri! Ho fihlela ha mahodimo a fela, batho ba ke ke be ba tseba le ho phaphama, kapa ho tsoswa phumeng sa bona sa boroko. 13 “Eka o ka be o mpata Nqalong ya Bafu, o nketsa bofihla, kgalefo ya hao e be e fete! Eka o ka be o mpalla nako, eo ka yona o tlang ho nkgopola! 14 Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla. 15 O no tla mpitsa, nna ke arabele, o hlolohelwe mmopo wa matsoho a hao. 16 Empa jwale mehato ya ka o a e bala, sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa; 17 tshita tsa ka o di bitiella ka mokotleng, sebe sa ka sona o a se kwahela. 18 “Jwalokaha thaba e ye e helehe, e nyamele, le lefika le suthiswe tulong tsa lona; 19 jwalokaha metsi a kutlula majwe, phororo le tsona di baka kgoholedi mobung, le wena tshepo ya motho o e fedisa jwalo! 20 O mo hlolela ruri, ebe o iketse; o fetola fahleho sa hae, ebe o a mo leleka. 21 Ha bara ba hae ba tlotlwa, yena ha a tsebe le letho, le teng ha ba kokobetswa, yena ha a bone le letho; 22 o utlwa bohloko ba mmele wa hae feela, le ho ngongoreha ha moya wa hae.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa