Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Jobo 13 - BIBELE


Jobo o re ha a na molato

1 “Tsena tsohle ke di bone ka mahlo a ka, ka tsebe tsa ka ka di utlwa, ka di utlwisisa.

2 Ke tseba tsena jwalokaha le lona le di tseba, etswe le hona ha le mphete ka letho!

3 Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle, ho ipiletsa ho Modimo ke ho tjhesehela haholo.

4 Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla.

5 Eka le ka kgutsa ho bua, la kgutsetsa ruri! Hoo e ne tla be e le bohlale, e le bohlale ho lona!

6 Jwale mamelang ha ke ikarabella, le utlwe ha ke ipuella ka molomo wa ka.

7 Na le buella Modimo ka ho bua bokgopo? Na le ka mmuella ka ho bua mashano?

8 Ebe le leka ho sekamela ka ho Modimo, kapa le iketsa babuelli ba hae nyeweng?

9 Ha a le hoqisa ka dipotso ho tla ba jwang? Le tla mo soma jwalokaha le soma motho?

10 Ruri o tla fela a le kgaleme, ha le sebetsa leeme ka lekunutu.

11 Na tlotla ya hae ha e tlo le kenya letswalo, kgalefo ya hae e tsubellele hodima lona?

12 Maele a lona a tshwana le molora hantle, boitshireletso ba lona bo tshwana le ba letsopa.

13 “Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua, se ntlhahelang se mpe se ntlhahlele.

14 Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile, bophelo ba ka ke bapala diketo ka bona!

15 Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.

16 Hona e tla ba yona pholoho ya ka: Moetsadibe a ke ke a ema kapele ho yena.

17 Mamelang mantswe ana a ka, le a mamele ka hloko, polelo tsena tsa ka le di sekehele tsebe.

18 Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.

19 Ke mang ya ka tsekisanang le nna? Ha a le teng ke tla kgutsa, ke itjhwelle.

20 “Oho, Modimo, ako ntumelle ka ntho di le pedi, mme nke ke be ka ipatela wena:

21 Ako tlosetse tsoho la hao hole le nna, kgalefo ya hao e se ke ya ntshosa;

22 nkise kgotla ke tle ke o arabe, o ntumelle ke bue, le wena o nkarabe.

23 Ke entse makgopo le dibe di le kae? Ako ntsebise tshito tsa ka le sebe sa ka.

24 Ke hobaneng ha o mpatela fahleho sa hao, o ntadima ke se ke le sera sa hao?

25 O tla lelekisana le lehlaku, lehlaku le feferetseha le moya, o lelekisane le mmoko o omeletse?

26 O nqosa ka tse bohloko, o nkotlela makgopo a botjha ba ka.

27 Maoto a ka a tlamilwe ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola, bohato ba maoto a ka o a bo thaleha.

28 “Kahoo motho o motela sa ntho e bodile, o naphoha sa kobo e jelwe ke tshwele.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ