Jeremia 47 - BIBELEMolaetsa wa Morena malebana le Bafilesita 1 Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa. 2 Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle, 3 ha ho utlwahala modumo wa ditlhako, wa ditlhako tsa dipere tsa hae, ho utlwahala lekgarakgara, lekgarakgara la kariki tsa hae tsa ntwa, ho utlwahala le modumo wa mabidi a tsona, bo-ntata ha ba sa tla natsa le bana ba bona, hobane matsoho a bona a tla be a fokola. 4 Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore. 5 Gasa e tla ba bofifing, e beole hlooho, Ashekelone yona e tla ripitlwa. Lona masalla a tjhaba sa Baanake, le tla itlhokofatsa, le lle ho fihlela neng? 6 Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse. 7 E ka kgutsa jwang, Morena a e neile taelo, taelo ya ho futuhela Ashekelone, ya ho futuhela naha tse bopong la lewatle? Ke hona moo Morena a e laoletseng teng.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa