Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Jeremia 46 - BIBELE


Baegepeta ba hlolwa Karakemishe

1 Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia malebana le baditjhaba.

2 Malebana le Egepeta le mabotho a Faro-Neko, kgosi ya Egepeta, a neng a larile pela noka ya Euferatese, Karakemishe, ao Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a a hlole ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, Morena o re:

3 “Tshwarang thebe tsa lona, le tshware le dithejana, le teolohe, le thee theko ya ntwa!

4 Qhanehang dipere le di palame! Theang theko le rwetse katiba tsa ntwa! Tshotsang marumo, le apare tsa ntwa!

5 Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.

6 “Ba nang le sekaja maoto a bona a a katleha, dinatla tsa bona ha di ka ke tsa phonyoha; bohle ba a kgothometseha, ba a polopoqana, ba wela ka leboya ho noka ya Euferatese.

7 “Ke mang eo ya tlang sa noka ya Nile e sabaletse, ya tlang sa noka tsa metsi a bilohang?

8 Ke Egepeta e tlang sa Nile e sabaletse, e tlang sa noka tsa metsi a bilohang.” Egepeta e re: “Ke tla saballa, ke aparele lefatshe, metse ke e timetse mmoho le baahi ba yona.”

9 Morena o re: Futuhang lona banna ba dipere! Kgannang ka sekgahla lona ba dikariki! Teolohang lona banna ba bahlabani, banna ba Kushe le ba Pute, matshwarathebe, banna ba Lode ba fulang ka diqha!

10 Lena ke tsatsi la Morena, Modimo wa mabotho, tsatsi la boiphetetso, ho dira tsa hae; sabole e tla bolaya ho fihlela madi a kganathetse, e bolaye ho fihlela madi a e tahile. Morena Modimo wa mabotho, o tla etsa sehlabelo, a se etse naheng e ka leboya ho Euferatese.

11 “Nyolohela Gileade o fumane moriana teng, wena morwetsana, moradi wa Egepeta; o sebedisitse tlhare tse ngata ho se katleho, le ho phekoleha ha wa ka wa phekoleha.

12 Tjhaba di utlwile ho tlontloloha ha hao, fatshe lohle le tletse seboko sa hao, senatla se thulane le senatla se seng, bobedi ba tsona tsa wela fatshe mmoho.”


Ho tla ha Nebukadenesare

13 Lena ke lentswe la Morena, leo a le buileng ho moporofeta Jeremia, la hore Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o tla futuhela Egepeta:

14 “Bolelang tsena Egepeta, le di phatlalatse Migedole, le di phatlalatse le Nofa le Tahepanehese, le di bolele, le re: Emang le tiile, le itokisitse, hobane sabole e tla bolaya ba le potapotileng.

15 Apise, modingwana hao o fefolwa keng? O sitilwe ho setlela hoba Morena o mo dihile.

16 Morena o kgothomeditse ba le bangata, mohlabani a wela hodima mohlabani. Ba re: ‘Tsohang, a re kgutleleng tjhabeng sa habo rona, re kgutleleng naheng ya tswalo ya rona, re baleheng sabole ya mokataki.’

17 Teng ba tla howeletsa, ba re: ‘Faro, kgosi ya Egepeta, o shwahla haholo; menyetla ya hae e se e mo fetile.’

18 “Ke a tiya, ke a hlapanya,” ho rialo Kgosi, Kgosi eo bitso la yona e leng Modimo wa mabotho; “E mong o tla tla sa Tabore hara dithaba, a tle sa Karamele e pela lewatle.

19 Tlamang thoto ya lona le be baphaphathehi, lona matswallwa a naha ya Egepeta, hoba Nofa e tla ba nanaola, e hloke baahi.

20 “Egepeta e ka sethole se setlesetle, empa seboba se tswang leboya se tla e lomaka.

21 Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa.

22 Egepeta e tla hwasa, e hwase sa noha e baleha, e hwase ha sera se etla ka sekgahla; ba tla e futuhela ba tshwere dilepe, ba di tshwere sa banna ba rema difate.

23 Moru wa Egepeta ba tla o kgethula,” ho rialo Morena, “ba o kgethule leha o opane haholo, hobane ba feta le ditsie ka boiyane, palo ya bona hase e ka ba ya balwa.

24 Baegepeta ba tla tlontloloha, ho neelanwe ka bona ho batho ba tswang leboya.”

25 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.

26 Ke tla neelana ka bona matsohong a ba batlang ho ba bolaya, ke neelane ka bona matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a bahlabani ba hae. Empa hamorao Egepeta e tla boela e eba le baahi jwaloka mehleng ya pele,” ho rialo Morena.


Morena o tla pholosa setjhaba sa hae

27 “Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, wena Iseraele, o se ke wa tsieleha, hoba ke tla o pholosa o le naheng e hole, le ditloholo tsa hao naheng ya bothopuwa. Jakobo o tla kgutla, a be le kgotso le boiketlo, ho se be ya ka hlolang a mmakela tshabo.

28 Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.”

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ