Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Isaia 65 - BIBELE


Kahlolo ya ba kgopo

1 “Ke ne nka araba ba sa reng letho ka nna; ke ne nka fumanwa ke ba sa kang ba mpatla. Ho tjhaba se neng se sa nthapele ka re: ‘Ke nna enwa! Ke nna enwa!’

2 Ke qetile letsatsi lohle ke otlolotse matsoho a ka, ke a otlolletse setjhaba, tjhaba se melala e thata se itsamaelang ka tsela ya sona e kgopo, se latelang mehopolo ya sona feela.

3 Ke tjhaba se mphephetsang kamehla ke se shebile, se etsetsang mahlabelo ka dirapeng, se tjhesetsang mokubetso hodima aletare ya ditene.

4 Ke tjhaba se itulelang hara mabitla, se qetang masiu se entse tebelo ya sephiri; se itjellang le nama ya dikolobe, seo pitsa tsa sona di nang le moro wa tse manyala.

5 Ke tjhaba se reng: ‘Emella thokwana, o se atamele ho rona, hobane rona re halalela haholo, re halalela ho o feta!’ Batho ba jwalo ba nkga sa mosi nkong tsa ka, ba ka mollo o qetang tsatsi lohle o tuka.

6 “Tsohle di se di ngotswe, di kapele ho nna, ha nka ke ka kgutla, ke busetsa molamu sefateng, ke o busetsa sefateng ka sefutho se le seholo,

7 ka baka la dibe tsa lona le tsa baholoholo ba lona,” ho rialo Morena. “Ba ne ba tjhesetse mokubetso hodima dithaba, ba nnyefola ha ba le hodima maralla, ka baka leo, ke tla ba lekanyetsa moputso, ketso tsa bona tsa pele ke di putse ka ho tlala.”

8 Morena o bua tjena: “Ha morara o lesihleng o sa na le lero, batho ba ye ba re: ‘Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo.’ Ka baka la bahlanka ba ka le nna ke tla etsa jwalo, ha nka ke ka ba timetsa, ka ba timetsa bohlebohle.

9 Ke tla sitsa Jakobo ka ditloholo, tsa Juda tsona e be majalefa, majalefa a thaba tsa ka; thaba tseo e tla ba lefa la bakgethwa ba ka, mme bahlanka ba ka ba tla aha ho tsona.

10 Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang.

11 “Empa ha e le lona ba furallang Morena, ba lebalang thaba ya ka, thaba e halalelang, ba batlang leseho ka ho nyehella Tosa ka dijo, ba nyehellang Sefalabohoho ka jwala bo bohale;

12 lona ke tla le abela sabole, bohle le tla kgumama ba le bolaye, hobane ha ke bitsa ha le a ka la arabela, ka bua le lona la se ke la mamela. Le entse bokgopo moo ke ntseng ke le bona, la ikgethela dintho tse sa nthabiseng.”

13 Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “Bahlanka ba ka ba tla kgora, empa lona le tla lapa; bahlanka ba ka ba tla nwa, empa lona le tla nyorwa; bahlanka ba ka ba tla thaba, empa lona le tla swaba.

14 Bahlanka ba ka ba tla bina, ba bine hobane pelo di nyakaletse; empa lona le tla lla, le lliswe ke pelo tse bohloko, le bokolliswe ke ho tubeha ha meya ya lona.

15 Le tla siela bakgethwa ba ka bitso la lona, bona ba tla le sebedisa ha ba etsa thohako; lona, Morena Modimo o tla le bolaya, bahlanka ba hae a ba bitse ka lebitso lesele.

16 Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”


Mahodimo a matjha le lefatshe le letjha

17 “Bonang, ke bopa mahodimo a matjha le fatshe le letjha, dintho tsa kgale ha di sa tla hopolwa, ha di ka ke tsa hlola di sa nahanwa.

18 Lona thabang, le nyakalle kamehla, le nyakallele tseo ke di bopang. Ke tla bopa Jerusalema e nyakaletseng, baahi ba yona e be ba tletseng thabo.

19 Ke tla nyakallela Jerusalema, tjhaba sa ka le sona ke se thabele. Ha ho sa tla utlwahala dillo Jerusalema, leha e le mehoo ya ba ditsietsing.

20 “Ha ho sa tla ba ngwana ya shwang e le lesea, ha ho motho ya sa tlo qeta lemo tsa hae tsa pallo, ya shwang lemo tsa hae di le lekgolo ho tla thwe o shwele e sa le mohlankana; ya sa qeteng lemo tse lekgolo a phela, yena ke moetsadibe, o rohakehile.

21 Ba tla haha matlo, mme ba phele ho wona; ba tla lema morara, ba je tholwana tsa wona.

22 Ha ba sa tla haha matlo, ebe ho wona ho phela basele; ha ba sa tla hlola ba lema, ebe jwale ho ja basele; tjhaba sa ka se tla phela halelele, se phele halelele jwalokaha sefate se phela, bakgethwa ba ka ba je ditholwana, ba je tholwana tsa matsoho a bona.

23 Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea, kapa ba tswalla bana ba bona, ba ba tswalla ditsietsi, ke peo ya ba hlohonolofaditsweng, ba hlohonolofaditsweng ke Morena, bona mmoho le ditloholo tsa bona.

24 Ke tla arabela ba eso ka ba ipiletsa, ke be ke ba utlwe e le hona ba ntseng ba rapela.

25 Phiri le konyana di tla fula di le mmoho, tau e je jwang jwalokaha pohwana e bo ja, sehahabi sona se phele ka ho ja lehlabathe. Ha di ka ke tsa ntsha kotsi leha e le ho bolaya, hohlehohle thabeng ya ka, thabeng e halalelang,” ho rialo Morena.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ