Isaia 60 - BIBELETlotla ya Jerusalema ya matsatsi a tlang 1 “Tsoha, phatsima, hobane sedi la hao le tlile, tlotla ya Morena e phatsima hodima hao. 2 Lefifi le tla aparela lefatshe, tjhaba di be fifing la bo-nka-ntjana; empa Morena o tla phatsima, a phatsime hodima hao, tlotla ya hae e bonahale ho wena. 3 Baditjhaba ba tla hohelwa ke sedi la hao, kgosi di hohelwe ke redi le phatsimang la hao. 4 “Phahamisa mahlo o qamake kahohle: Bohle ba a phutheha, ba itlisa ho wena; bara ba hao ba tla tswa holehole, baradi ba hao ba tle ba sikilwe ka matsoho. 5 Tsena o tla di bona, thabo ya hao e kgaphatsehe, pelo ya hao e kokomohe ke ho nyakalla haholo. Matlotlo a lewatle e tla ba a hao, maruo a baditjhaba a tla tliswa ho wena. 6 “Boiyane ba dikamele bo tla putukana ho wena, mekoloko ya dikamele e tswang Midiane le Efa; Basheba bohle ba tla tlisa kgauta le mokubetso, ba bine thoko tsa Morena, ba mo tumise. 7 Mehlape yohle ya Kedare e tla phuthwa, e tliswe ho wena, dipheleu tsa Nabajota di tla o sebeletsa, di etswe nyehelo e amohelehang aletareng ya ka, ebe Tempele ya ka ke e tlotlisa haholo. 8 “Baa ba pakaselang jwaloka leru ke bafe? Baa ba kang maeba a fofela dihlaheng tsa wona? 9 Ke dikepe tse bokanang mabopong, mabopong a dihlekehleke, dikepe tseo batsamaisi ba tsona ba ntebeletseng, dikepe tsa Tarashishe di di eteletse pele, di tlisa bara ba hao ba tswang holehole, ba tlang ba kakatetse silefera le kgauta ya bona, ho tla tlotlisa Morena, Modimo wa hao, e leng Ya Halalelang wa Iseraele, hoba ke yena ya o tlotlisitseng. 10 “Baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, dikgosi tsa bona di o sebeletse; le hoja ha ke halefile ke ile ka o otla, empa ka baka la lereko la ka ke o hauhetse. 11 Kgoro tsa hao di tla dula di ntse di butswe, ha di ka ke tsa kwalwa motsheare le bosiu, batho ba o tlisetse maruo, maruo a baditjhaba, dikgosi tsa bona di tla di entse mokoloko. 12 Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri. 13 “Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona. 14 Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele. 15 “Le hoja o no furaletswe, o bile o hloilwe, ho se na motho ya keng a o tjhakele, ke tla o etsa ya kgabane kamehla yohle, ya tla thabisa e mengatangata meloko. 16 O tla anya lebese la baditjhaba, o anye matswele a dikgosi tsa bona, o tsebe hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao, Molopolli wa hao, Ya Matla wa Jakobo. 17 Bakeng sa lethose ke tla o tlisetsa kgauta, bakeng sa tshepe ke o tlisetse silefera; bakeng sa lehong ke tla o tlisetsa lethose, ke o tlisetse tshepe bakeng sa majwe a moralla. Ke tla etsa hore kahohle kgotso e rene, ho loka e be yena mmusi wa hao. 18 Lerata la dintwa ha le sa tla utlwahala, naheng ya hao, leha e le tshenyo le nanaola meeding ya hao; marako a hao o tla a rea lebitso la Topollo, kgoro tsa hao tsona o di ree la thoriso. 19 Letsatsi e ke ke ya hlola e eba lesedi la hao motsheare, le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola e o bonesetsa; Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, Modimo wa hao e be yena tlotla ya hao. 20 Tsatsi la hao ha le ka ke la hlola le sa dikela, kgwedi ya hao ha e ka ke ya hlola e eya fifing; hoba Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, tshiu tsa bofifi ba hao le tsona di fele. 21 Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona. 22 Lelapa le lenyenyane le tla ngatafala e be dikete, setjhaba se fokolang sona se matlafale, nna Morena, ke tla potlakisa sena, ke se potlakise ka nako ya sona.” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa