Isaia 41 - BIBELEModimo o tshepisa ho thusa Iseraele 1 “Lona dihlekehleke kgutsang kapele ho nna! Ditjhaba a di ke di imatlafatse! A di ke di atamele di bue, re kopaneng mmoho tulong sa kahlolo. 2 “Ya tswang botjhabela o ila tliswa ke mang, yena ya hlolang hohle moo a yang teng? Ya mo neileng matla a ho hlola ditjhaba ke mang, hore a hatakele dikgosi tse mo emang kapele? O di fekefa ka sabole, a di fetole lerole, ka seqha sa hae a di fefole sa mmoko! 3 O a di phaladisa, a tswe a se na mongwapo, a potlake hoo ekang le mobu ha sa o hata! 4 Ya entseng hore tsee di etsahale ke mang? ya bitsitseng meloko ho tloha tshimolohong ke mang? Ke nna Morena, ebile ke nna wa ho qala, ke nna Morena ya tla ba le ba ho qetela.” 5 Ba dihlekehlekeng ba ile ba bona, mme ba kenwa ke tshabo, ba pheletsong tsa lefatshe bona ba thothomela, yaba ba a tla, ba atamelana, 6 motho ka mong o thusana le mohahabo, motho ka mong o re ho ngwanabo: “Matlafala!” 7 Kahoo sebetli se kgothatsa lelala la kgauta, ya photlang ka noto o kgothatsa sefuthi, o re ho sona: “E kopane hantle!” O kgokgothela modimo wa bohata ka dipekere, e le hore o tiye, o se ke wa ketoha. 8 “Empa wena Iseraele, o leng mohlanka wa ka, wena Jakobo, eo ke mo kgethileng, wena tloholo sa Aborahama, motswalle wa ka, 9 ke o latile pheletsong tsa lefatshe, ka o bitsa o le qoleng tse hole tsa lona, ka re ho wena: ‘O mohlanka wa ka,’ ke ikgethetse wena, ha kea o lahla. 10 O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka. 11 “Batho bohle ba o halefelang ba tla tlontloloha, ba aparelwe ke dihlong; batho bohle ba lwantshanang le wena ba tla fetoha lefeela, ba be ba timele. 12 Leha o ka tsoma dira tsa hao, ha o ka ke wa ba wa di fumana. Batho ba o futuhelang ka ntwa ba tla tshwana le lefeelafeelane, 13 hoba ke nna Morena, Morena Modimo wa hao, ya utlang tsoho la hao le letona, ya reng: ‘Se tshabe, nna ke tla o thusa.’ 14 “O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele. 15 “Bona, ke tla o etsa selei se phophothang, se setjha, se nang le meno e ntjhotjho. O tla thua dithaba, o di phophothe, maralla wona o a sile, a ke mmoko; 16 tsena o tla di olosa, moya o di fefole, sefefo se matla se di hasanye. Thabo ya hao e tla ba ho Morena, tlotla ya hao e be Ya Halalelang wa Iseraele. 17 “Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla. 18 Ke tla phunya mehlodi ya dinoka, ke e phunye tutudung tsa lehlabathe, kahara dikgohlo didiba di phorosele. Lehwatata ke tla le fetola le tlale matsha, naha e omeletseng e runyarunye didiba. 19 Ke tla medisa fate tsa dikedare lehwatateng, ke medise mositsane, mohlakola le mohlwaare; matswatlareng ke tla medisa fate tsa modutu, di mele hammoho le tsa phaene le kiperese. 20 Batho ba tla bona tsena ba be ba tsebe, ba hlokomele, ba be ba utlwisise: Morena o entse tsena ka letsoho la hae, Ya Halalelang wa Iseraele o di hlodile.” Morena o nyatsa medimo ya bohata 21 “Ritelang nyewe ya lona, lona medingwana,” ho rialo Morena. “Bolelang mabaka a lona,” ho rialo Kgosi ya Jakobo. 22 “Atamelang, le ke le bolele, le re bolelle tse tla etsahala. Re bolelleng hore na tsa kgalekgale ke dife, e le hore re tle re di nahane, re be re tsebe le pheletso ya tsona; kapa le re bolelle tse tla etsahala. 23 Re tsebiseng tseo e leng hona di tla tla, re tle re tsebe hore efela le le medimo. Etsang tse ntle kapa le etse tse kgopo, re tle re bone, ebe re tlalwa ke tshabo. 24 Bonang, ho hang lona ha le letho, mesebetsi ya lona ke mafeelafeelane; ya ikgethelang lona ke manyala! 25 “Ke tsositse e mong leboya, mme ke enwa o a tla, ya tswang botjhabela o tla ipiletsa ho nna. O hatakela babusi jwaloka hoja e le seretse, jwaloka sebopi se kgoba letsopa. 26 Ya boletseng tsee tshimolohong ke mang re tle re tsebe? Kapa a di bolela pele, re tle re re o ne a nepe? Ha ho ya kila di bolela, ha ho ya kila di senola, polelo tsa hae ha ho ya kila di utlwa! 27 Ke nna wa pele ya boleletseng Sione: ‘Bona, ako ba bone ke bao!’ Ka roma leqosa Jerusalema ho isa molaetsa o molemo. 28 Ha ke tadima medingwana ha ke bone motho, kahara yona ha ho moeletsi, ha ho ya nkarabang ha ke e botsa. 29 Bonang, medingwana eo ke ya bohata! Mesebetsi ya yona ke ya lefeela, medingwana ya bona ke lefeela le kang moya!” |
© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa