Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Isaia 31 - BIBELE


Modimo o tla sireletsa Jerusalema

1 Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.

2 Empa Morena o bohlale, o tla tlisa koduwa, a ke ke a fetohela seo a ileng a se bolela; malapa a ba kgopo o tla a tsohela matla, le bathusi ba ba etsang bokgopo a ba tsohele matla.

3 Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.

4 Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.

5 Jwalokaha nonyana di thathalatsa mapheo, Morena wa mabotho o sireletsa Jerusalema jwalo; o tla e sireletsa a e lopolle, a fete hodima yona a e pholose.”

6 Lona Baiseraele, kgutlelang ho eo le mo furaletseng haholo.

7 Ka letsatsi leo, e mong le e mong o tla furalla medimo ya hae ya bohata, ya silefera le ya kgauta, eo a iketseditseng yona ka matsoho a hae a boetsadibe.

8 “Baasiria ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole e se ya motho, ba timetswe ka sabole e se ya motho. Baasiria ba tla baleha sabole, bahlankana ba bona ba sebediswe ka thata.

9 Kgosi ya bona e tla baleha ke ho tshaba, balaodi ba lahle mekgele ya bona ke ho tshoha,” ho rialo Morena eo mollo wa hae o leng Sione, eo sebopi sa hae se leng Jerusalema.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ