Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Isaia 27 - BIBELE


Ho pholoswa ha Iseraele

1 Ka tsatsi leo, Morena o tla bolaya kganyapa, a e bolaye ka sabole e bohale, e kgolo, e sefea, kganyapa, noha e tjhalametsang, kganyapa, noha e bothang e ikgarile, ke yena ya tla bolaya sebata sa lewatleng.

2 Ka tsatsi leo, ho tla thwe: “Binelang rapa sa morara se behang haholo.

3 Ke nna Morena, mohlokomedi wa sona, ke se nwesetsa ka dinako tsohle, ke se lebela motsheare le bosiu, hore ho se be le ya mong ya ka se senyang.

4 Ho halefa ha ke a halefa. Ha ho ne ho eme hlabahlabane, ho eme le meutlwa kapele ho nna, ke ne ke tla e futuhela ke e lwantshe, ke e hatakele kaofela ha yona, ke e tjhese.

5 Ho seng jwalo, a ba ke ba tle ho nna, nna ke be setshabelo sa bona, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona. E, ba tle ho nna ke etse kgotso le bona.”

6 Ka matsatsi a tlang Jakobo o tla hloma, Iseraele a thunye, a etse dipalesa, fatshe lohle le tlale tholwana tsa hae.

7 Na Morena o ile a otla Iseraele jwalokaha a ile a otla ba ileng ba mo otla? Na o bolailwe jwaloka ba ileng ba mmolaya?

8 O mo otlile ka ho mo lelekela naheng esele, wa mo fefola ka moya o matla, jwaloka mohla moya wa botjhabela o fokang.

9 Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo.

10 Motse o haheleditsweng o fetohile dithako, ke motse o siilweng, o furaletsweng sa lehwatata, ke moo manamane a fulang teng, a be a bothe, a itjelle makala.

11 Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.

12 Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.

13 Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ