Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -

Isaia 25 - BIBELE


Ho roriswe Morena

1 Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.

2 Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.

3 Kahoo ditjhaba tse matla di tla o tlotlisa, metse ya tjhaba tse sehloho e o tshabe,

4 hobane o bile setshabelo ho mafutsana, wa ba setshabelo ho bahloki tsietsing tsa bona, wa ba mosireletsi nakong ya difefo, wa ba moriti hara lebatama la letsatsi. Moya wa ya sehloho o ka sefefo se thula lebota,

5 o ka lebatama la letsatsi lehwatateng. Rata la baditjhaba o tla le fedisa; jwalokaha leswiti le kokobetsa motjheso, le pina ya ya sehloho e tla fediswa jwalo.


Modimo o etsa mokete wa dijo

6 Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.

7 Thabeng ena o tla tlosa lesira, le fifaditseng tjhaba tsohle, a tlose lesela le fifaditseng ditjhaba tsohle.

8 Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.

9 Ka tsatsi leo, batho ba tla re: “Ruri enwa ke Modimo wa rona, re ile ra mo tshepa, o re pholositse; enwa ke Morena, re ile ra mo tshepa, a re nyakalleng, re thabele ha a re pholositse.”


Modimo o tla otla Bamoabe

10 Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.

11 Leha ba ka phakalatsa matsoho a bona hodima moraha, ba a phakalatsa sa sehlapi se sesa, Morena o tla fedisa boikgantsho ba bona, le hoja matsoho a bona a le bohlale.

12 Qhobosheane e marako a phahameng o tla e heletsa, a e heletse, e burame fatshe, a e heletse, e fetohe lerole.

© Bible Society of South Africa 1989. Used by permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:



ကြော်ငြာတွေ